TSHEBEDISANO E NTJHA YA NTSHETSOPELE YA AFRIKA
DIKGUTSUFATSO LE DIAKRONIMI
MKMA Molao wa Kgolo le Menyetla Afrika
KA Kopano ya Afrika
SDDMT Sehlopha sa Ditherisano mabapi le Diphuputso tsa Matjhaba tsa Temo
KNT Komiti ya Ntshetsopele ya Thuso
HLDF ?Ha ho Letho ha e se Dihlomo Feela?
KMA Khomishene ya Moruo mabapi le Afrika
MDT Mokgatlo wa Dijo le Temo
PDL Palo yohle ya Dihlahiswa tsa Lehae
BTDTLL Boithaopo ba Tsamaiso ya Dikgwerekgwere Tikolohong e ka Lefatshe Lohle
MTTT Mokgwa wa Tshebediso ya Tsebo ya Temo
PDKHN Palo yohle ya Dihlahiswa tsa Ka Hara Naha
MBA Mokgwa wa Boikgethelo o Akaretsang
NFNMM Naha e Futsanehileng mme e Nang le Melato e Mengata
MMKM Moifo wa Matjhaba wa Kananelo ya Maemo
TTD Tsebiso le Thekenoloji ya Dikgokahano
TTM Thuso ya Tswelopele ya Matjhaba
MTM Moqhaka wa Tswelopele ya Matjhaba
KMBE Khomishene ya Matjhaba ya Botekgeniki ba Eleketeroniki
LMD Letlole la Matjhaba la Ditjhelete
MMM Mokgatlo wa Matjhaba wa Maemo
KKS Kgodiso ya Kgwebo ya Setjhaba
MKDA Mokgatlo wa Kopano ya Dinaha tsa Afrika
TTMM Thuso ya Tswelopele Mose ho Mawatle
MTNM Mokgatlo wa Thusano le Ntshetsopele ya Moruo
TMMP Tshebedisano ya Mmuso le Mokga wa Poraefete
MLBAB Mokgatlo wa Lebatowa wa Bohahlaudi wa Afrika e Borwa
TDSK Tumellano mabapi le Ditshitiso tsa Setekgeniki tsa Kgwebo
MMKTSM Mokgatlo wa Matjhaba a Kopaneng wa Thuto, Saense le Meetlo
MLDM Mokgatlo wa Lefatshe wa Disebediswa tsa Mahlale
MLK Mokgatlo wa Lefatshe wa Kgwebo
TSE KA HARE
SELELEKELA
II AFRIKA LEFATSHENG LA KAJENO: PAKENG TSA BOFUTSANA LE KATLEHO
Nalane ya ho futsaneha ha kontinente
Afrika le diphetoho tsa mokgwa wa tshebetso wa lefatshe ka kakaretso
IV BOIPILETSO HO BATHO BA AFRIKA
V. LENANEO LA TSHEBETSO: MOKGWA WA HO FUMANA
KATLEHO KA NGWAHAKETEKGOLO WA MASHOME A
MABEDI A MOTSO O MONG
Boithaopo ba Puso ya Kgotso, Tshireletso le Dipolotiki i Boithaopo ba Kgotso le Tshireletso ii Boithaopo ba Puso ya Demokerasi le Dipolotiki
Mesebetsi ya Moruo le Tshebedisano
Mekgwa ya tswelopele boemong ba Lebatowa le Lenyenyane le Lebatowa le leholo
B. DINTHO TSE TLA ETSWA PELE MEKGENG
Ho kwalwa ha sekgeo sa ditshebeletso i Mekga e fapaneng ya ditshebeletso ii Ho kwalwa ha dikgeo tsa diabelo: Tshebediso ya Tsebiso le Dikgokahano tsa Thekenoloji iii Matla kapa eneji iv Dipalangwang v Metsi le Tsamaiso ya dikgwerekgwere
Mekutu ya ntshetsopele ya basebetsi (hammoho le ho thibela tahlehelo ya barutehi le ditsebi ka baka la ho falla)
i Phokotso ya bofutsana ii Ho kwalwa ha sekgeo thutong iii Thibelo ya ho lahlehelwa ke barutehi le ditsebi ka baka la ho falla iv Bophelo bo botle
Temo
Boithaopo mererong ya tikoloho
Meetlo
Maemo a Saense le Thekenoloji
C. POKELETSO YA MATLOTLO
Mosebetsi nwa Phallo ya Ditjhelete i Keketso ya matlotlo a lehae ii Phediso ya melato iii Diphetoho tsa ODA
iv Tshebediso ya Tjhelete mererong ya poraefete
Boithaopo ba Ntshetsopele ya Mmaraka i Phetolo ya dihlahiswa ii Tshebeletso ya Merafo iii Tlhahiso ya dihlahiswa iv Bohahlahudi v Mesebetsi vi Ntshetsopele ya Mokga wa Poraefete vii Ntshetsopele ya thomello ya thepa ya Afrika dinaheng tse ka ntle viii Phediso ya Ditshitiso tse se nang ditekanyo tsa tefello
VI TSHEBEDISANO E NTJHA KA LEFATSHE LOHLE
Ho thehwa ha dikamano tse ntjha le dinaha tse tswetseng pele ka indaseteri le mekgatlo ya tshebedisano
VII HO SEBEDISWA HA TSHEBEDISO E NTJHA YA NTSHETSOPELE
YA AFRIKA
Merero i Temo ii Kgodiso ya mokga wa poraefete iii Motheo wa disebediswa le Kamano ya Mabatowa
Hlahlobo ya ditlhoko
Mokgwa wa taolo wa Tshebedisano e Ntjha ya Ntshetsopele ya Afrika
SELELEKELA
Tshebedisano ena e Ntjha mabapi le Ntshetsopele ya Afrika ke nyehelo ya baetapele ba Afrika mme e theilwe hodima morero o le mong le tumelo e le nngwe ya hore ba tshwarane le mosebetsi o hlokolotsi o ba tlamang wa ho fedisa bofutsana le ho beha dinaha tsa bona, e ka ba naha ka nngwe kapa ka kopanelo, motjheng wa ho hola ho tiileng esita le tswelopele esita le hona ho ba le seabo se matla moruong wa lefatshe le dipolotiking tsa yona. Lenaneo lena le theilwe le ho tshehetswa boikemisetsong ba Maafrika ho ipholosa maemong ana a thata a ba tobileng hammoho le kontinente a tswelopele e fokolang esita le hona ho kgeswa tshebetsong e akaretsang ya lefatshe lohle.
Bofutsana ba Afrika le hona ho salla morao ho totobatsa phapano kgahlano le tswelopele e bonahalang dinaheng tse ding tsa lefatshe. Ho qhelelwa ka thoko ho ntseng ho tswela pele ha Afrika tshebetsong e akaretsang ya lefatshe lohle esita le ho qhelelwa thoko ha batho ba bangata ba phelang naheng ena ho baka hore ho be le bothata bo boholo ba botsitso ba tshebetso e akaretsang lefatshe lohle.
Ho ba le seabo ditsheng tse fapaneng tsa ditjhaba tsa dinaha tsa matjhaba, ho fuwa monyetla le ho fumantshwa thuso ho totobatsa mohopolo wa ntshetsopele ya Maafrika. Ho bile le melato e mengata e ntseng e tswela pele ka ho leshwa ka dikgaolwanyane mme e sitisa tswelopele ya dinaha tsa Maafrika. Meedi ya kgetho ena e fihleletswe. Mabapi le dintlha tse ding tsa thuso - re tla lemoha ho theoha ha thuso ya poraefete esita le ho phahama ha moedi wa thuso ya setjhaba, e leng ho ka tlase ho moedi o neng o lebeletswe ka dilemo tsa bo-1970.
Mona Afrika, ke batho ba ka bang dimilione tse 340 tsa batho kapa halofo ya baahi bohle e phelang ka tjhelete e ka tlase ho US $1 ka letsatsi. Sekgahla sa mafu a bana ba ka tlase ho dilemo tse 5 e ka ba 140 bakeng sa 1000 e nngwe le e nngwe. Palo e lebeletsweng ya bophelo ba motho ho tloha tlhahong ya hae e ka ba dilemo tse 54. Ke palo ya diphesente tse 58 tsa setjhaba tse nang le monyetla wa ho fumantshwa metsi a hlwekileng. Palo ya batho ba sa kenang sekolo ba leng ka hodimo ho dilemo tse 15 e ka ba diphesente tse 41. Ho na le dithapo tse 18 feela tsa dithelefounu bakeng sa batho ba 1000 mona Afrika; ha ho bapiswa le palo ya 146 bakeng sa lefatshe lohle le palo ya 567 bakeng sa dinaha tse nang le kuno e phahameng.
Tshebedisano e ntjha ya Ntshetsopele ya Afrika e etsa boipiletso ba hore maemo ana a hlobaetsang a fetolwe ka hore ho fetolwe dikamano tse kgothaletsang maemo ana. Maafrika a etsa boipiletso ba hore ho fediswe maemo a ho phela ka ho kopa dithuso kapa ho qhelelwa ka thoko.
Re na le tshepo ya hore maemo a ho fetoha ha nalane a fedisa bothata ba tswelopele e fokolang a amang Afrika. Matlotlo a akaretsang tjhelete, thekenoloji le boitsebelo ba batho ba ho etsa mesebetsi e itseng e leng matlotlo a hlokehang bakeng sa ho lwantsha bofutsana le tswelopele e fokolang a mangata mme ebile re ka a fumana. Se hlokehang ho bokella matlotlo ana esita le ho a sebedisa ka tshwanelo ke boetapele bo sebete mme bo kenyeletsang mehopolo e tjhorileng e hlokehang bakeng sa tswelopele ya batho le phediso ya bofutsana esita le tshebedisano e ntjha e sebediswang dinaheng tsohle tsa lefatshe e theilweng hodima boikarabelo le ditlhoko tsa e mong le e mong.
Maafrika a se a boletse hore a ke ke a laolwa ke maemo a ditaba kontinenteng yohle. Re tla iphumanela qetello ya rona mme re ipiletse ho lefatshe lohle hore le re tshehetse boitekong ba rona. Ho se ho ntse ho na le dipontsho tsa hore ho tla ba le tswelopele le tshepo. Ho na le keketseho ya maano a demokerasi a kgothaletseng ho fumana pab allo ya ditokelo tsa botho, tswelopele e tadimaneng le batho esita le ekonomi e ntshetsang pele merero ya mmaraka. Batho ba Afrika ba se ba qadile ho itshupa hore ba hanana le boetapele bo fokolang ba moruo le dipolotiki. Le ha ho le jwalo, mekutu ena ha e a lekana mme e lokela ho boela e potlakiswa.
Tshebedisano e Ntjha ya Ntshetsopele ya Afrika e amana le ho hlophisa le ho potlakisa tse tla fumaneha. Ke kgoeletso ya setswalle se setjha se malebana le tshebediso e ntjha pakeng tsa Afrika le dinaha tse ding tsa matjhaba, haholoholo dinaha tse nang le ditsha tse ngata tsa kgwebo e le ho fokotsa sekgeo sa tswelopele se ileng sa eketseha ka nako ya mengwahakgolo e mengata ya dikamano tse sa lekaneng.
II AFRIKA LEFATSHENG LA KAJENO: PAKENG TSA BOFUTSANA LE KATLEHO
Boemo ba Afrika dinaheng tsohle tsa lefatshe bo laolwa ke taba ya hore kontinente ena ke letlotlo la bohlokwa le ileng la thusa batho bohle ka nako ya mengwahakgolo e mengata e fetileng.
Matlotlo ana a ka arolwa ka dikarolwana tsena tse latelang:
Mefuta e fapaneng ya dimenerale, oli le kgase, dimela le dipalesa, esita le dibaka tsa tlhaho tse ntseng di bolokehile hantle, tseo e leng motheo wa merafo, temo, bohahlaudi le ntshetsopele ya diindaseteri (Karolo ya Pele);
Botle ba tlhaho bo bakwang ke meru e hodiswang ke dipula tse nang kontinenteng esita le ho ba teng ha dintho tse kotsi tikolohong - ntlafatso ya setjhaba ka lefatshe lohle molemong wa motho e mong le e mong (Karolo ya Bobedi);
Dibaka tsa diphuputso tsa masalla sibolotsweng a masapo esita le ditshibollo tse tswang mobung tse totobatsang tsebo ya ho hlolwa ha lefatshe, bophelo esita le batho bohle. Dibaka tsa tlhaho tse kgabileng ka dimela le dipalesa tse fapaneng, diphoofolo tse ikgethileng esita le dibaka tse feela tseo ho se nang batho ba phelang ho tsona tseo kontinente ena e tsejwang ka tsona (Karolo ya Boraro);
Ho ipabola ha meetlo ya Afrika esita le seabo sa sa moetlo mefuteng e fapaneng ya meetlo ya ditjhaba tse fapeng ka lefatshe lohle (Karolo ya Bone).
Karolo ya Pele ya tsena tsohle ke yona eo lefatshe le tsejwang ka yona. Karolo ya Bobedi e sa tswa tsejwa haufinyana jwalo ka ha batho ba qadile ho tseba ka bohlokwa ba tikoloho. Karolo ya Boraro e itlhahisa e le yona mme e le taba e hlokolotsi haholo eseng feela ditabeng tsa saense kapa tse thahasellwang ke dimuseamo le balaodi ba tsona. Ya bone e leng Karolo ya Bone e totobatsa boitshimollelo ba batho ba Afrika e leng seo ka ditsele tse fapaneng e sa sebedisweng haholo kapa e sa ntshetsweng pele haholo.
Naha ya Afrika e na le seabo se seholo hodima taba e hlokolotsi ya polokeho ya tikoloho. Matlotlo a Afrika a kenyeletsa meru e bakilweng ke dipula, moya o sa kenyang moya o silafetseng esita le ho fokotseha ha dintho tse kotsi ka hara dinoka le mobung o mabopong a Lewatle la Atlelantiki, Lewatle la India esita le Mawatle a Meditherene le Lewatle le lefubedu. Tshebedisano ena e Ntjha ya Ntshetsopele ya Afrika e tla kenyeletsa mekgwa ya ho baballa matlotlo le ho a sebedisa bakeng sa ntshetsopele ya kontinente ya Afrika empa ka lehlakore le leng a ntse a baballwa bakeng sa batho bohle.
Ho hlakile hore ha feela ditjhaba di sa fuwe ditsela tse ding tsa ho fumana kuno ya ho iphedisa, di tla thusana ho senya meru. Ere ka ha poloko ya matlotlo ana a bohlokwa bakeng sa motho ka mong, ho a hlokeha hore Afrika e behwe motjheng wa tswelopele empa e se tswelopele e tla ba beha kotsing.
Saense ya sejwalejwale e tadima Afrika e le mohlodi wa batho. Jwalo ka karolo ya leano la kahobotjha ya boitsebahatso le ho ba motlotlo ha batho ba Afrika, ho a hlokeha hore kgothaletso ena ya ho ba teng ha batho e utlwisiswe le ho babatswa ke Maafrika ka bobona. Boemo ba Afrika jwalo ka sebaka seo botho bo qadileng ho sona e lokela ho thoholetswa le ho babatswa ke lefatshe lohle e le mohlodi wa batho bohle. Ka tsela e jwalo, Tshebedisano e Ntjha ya Ntshetsopele ya Afrika e lokela ho boloka letlotlo lena le akaretsang bohle mme e le sebedise ho aha kutlwisiso e batsi ya se nnileng sa hlokeha ho tloha kgale bakengsa ho fedisa ho fokola ha tswelopele esita le ho qhelelwa thoko ha kontinente.
Afrika e boetse e na le seabo se seholo sa ho theha dikamano tse matla pakeng tsa batho le lefatshe la tlhaho. Tswelopele ya thekenoloji e hatella seabo sa batho e le ntlha ya bohlokwa bakeng sa tlhahiso, tlhodisano ya ho iphumanela boemo bo itseng mesebetseing ya tlhahiso kgahlano le dinaha tse ding kapa disebediswa tse ding tsa ka moso. Dibaka tse bulehileng tseo ho se nang batho ba phelang ho tsona, dimela le dipalesa esita le diphoofolo tse fapaneng mme tse ikgethang e le tsa Afrika mme di fa batho monyetla wa ho ba le dikamano le tlhaho.
Afrika e se e bile le seabo sa bohlwa meetlong ya lefatshe ka tsela ya dingolwa, mmino, bonono bo tsotwang ha bo tadingwa esita le mefuta e meng hape ya meetlo. Le ha ho le jwalo, bokgoni ba yona ha bo fihlellwe ka lebaka la ho ba le dikamano tse fokolang le tshebetso ya lefatshe lohle ya moruo. Tshebedisano e Ntjha ya Ntshetsopele ya Afrika e tla thusa Afrika ho eketsa seabo sa yona ho saense, meetlo le thekenoloji.
Ngwahakgolong ona o motjha wa mileniamo ha batho ba batla tsela e ntjha ya ho aha lefatshe le betere, ho a hlokeha hore re kopanye dineo tsena tsohle esita le matla a ditabataelo tsa rona e le ho etsa hore kontinente boemong ba tshebedisano e lekanang e le ho ntshetsapele katleho ya batho.
Nalane ya ho futsaneha ha kontinente
Ho futsaneha ha kontinente ya Afrika ho ile ha bakwa haholoholo ke bobe ba bokolone, Ntwa ya Kgaphamadi, mesebetsi ya mekgwa ya kgwebo ya dinaha tsa matjhaba esita le ho haella le ho fokola ha maano a a sebediswang ke dinaha tse ngata nakong ena eo eseng ese ya boikemelo.
Ka nako ya mengwahakgolo e mengata Afrika e ile ya kenyeletswa moruong wa lefatshe e le mohlodi wa mesebetsi e theko e tlase esita le dirashwa. Ka tsela e jwalo, hona ho ne ho bolela tahlehelo ya matlotlo a Afrika ho na le ho a sebedisa bakeng sa tswelopele ya kontinente ena. Thahasello ya ho sebedisa dimenerale le dirashwa tse ding mabapi le ho ntshetsa pele diindaseteri tse ntseng di hola e ile ya fela nakong eo. Ka tsela e jwalo Afrika e dula e le naha e futsanehileng ka ho fetisisa le ha e le lebatowa le ruileng dirashwa tse ngata ka ho fetisisa lefatsheng.
Dinaheng tse ding le dikontinenteng tse ding ho bile le phetoho ya maemo ana. Ho ile ha ba le katleho ya leruo le lengata ka tsela ya matsete a ileng a baka hore ho be le leruo le lengata le kenang ka thomello ya dihlahiswa tsa boleng bo phahameng. Ena ke nako ya hore matlotlo a Afrika are sebedisetswe ho theha leruo molemong wa batho ba yona naha ena.
Bokolone bo bakile ho be le dibopeho tse itseng tsa botjhaba le ditsha esita le hona ho etsa hore di laolwe ke ditlhoko tsa moruo le dipolotiki tsa dinaha tse kgolo. Bo bile bo sitisitse tswelopele ya sehlopha sa ba ratang ho iketsetsa esita le shlopha sa batho ba bohareng ba nang le bokgoni ba ho etsa dintho tse itseng esita le bokgoni ba ho laola.
Nakong ya boikemelo, ho ne ho hlakile hore naha e nngwe le e nngwe e ntjha e ne e tsejwa ka ho hloka ditsebi tsa porofeshenale mesebetsing e fapaneng esita le sehlopha se fokolang ka kuno ya tjhelete mme hona ho etsa hore ho be le bofokodi ba morero wa ho ipokeletsa. Afrika ka mora mathata a bokolone e ile ya etsisa dinaha tsena tse fokolang esita le dikgwebo tsena tse se nang thuso tse ileng tsa bakwa ke boetapele bo fokolang, bobodu le puso e mpe ka hara dinaha tse ngata. Dintlha tsena tse pedi esita le dikarolo tse bakilweng ke Dintwa tsa Kgaphamadi, di ile tsa sitisa tswelopele ya mebuso e meholo kontinenteng ena yohle.
Mebuso e mengata ya Afrika ha e a ka ya ruta batho ba yona ho ikakgela ka setotswana mererong ya ntshetsopele e le hore ba tle ba lemohe bokgoni ba boiqapelo boo ba nang le bona. Kajeno naha e fokolang e dula e le bothata bo amang tswelopele dinaheng tse ngata. E nngwe ya diphephetso tseo Afrika e tobaneng le tsona ke ho matlafatsa bokgoni ba ho busa esita le ho rala maano a nako e telele. Ka lehlakore le leng ho a hlokeha hore ho etswe diphetoho tse akaretsang hohle esita le mananeo dinaheng tse ngata tsa Afrika.
Mananeo a ditlhophiso a selemo sa sekete, makgolo a robong, mashome a robedi a ile a leka ho rarolla ditaba ka mmoho. Mananeo ana a ile a phahamisa diphetoho tse ileng tsa fedisa ho fetolwa ha ditefello empa a a boela a seke a phethahatsa ho tadimana le tlhahiso ya mesebetsi ya setjhaba. Qetellong, e ile ya ba dinaha tse mmalwa tse ileng tsa kgona ho hola ka thuso ya mananeo ana.
Boiphihlelo ba Afrika bo totobatsa hore ha ho a ka ha ba le tswelopele e kaalo bakeng sa ho aha ditjhaba ho iphumana kgahlano le kgatello ya bokolone e bakang hore tswelopele e fokole kapa hona ho ntlafatsa maemo a bophelo. Hona ho ile ha ba le tshitiso e kgolo ditabeng tsa dipolotiki mme ha ba ha etsa hore ho be le bobodu bo eketsehileng.
Se ileng sa bakwa ke ditaba tsena e bile phetapheto e sa rarolleheng moo ho ileng ha ba ho theoha ha kgwebo, ho fokotseha le ho fokola ha puso tsa matlafatsana mme hona ho paka ho theoha le ho fokola ha Afrika moruong wa lefatshe lohle. Ka lebaka le jwalo, Afrika e ile ya ba kontinente e qhelelwang ka thoko ka menhwahaketekgolo e mengata.
Tshebedisano e Ntjha ya Ntshetsopele ya Afrika e aha le ho amohela ka thabo katleho e fihleletsweng ka nako e fetileng hammoho le ho totobatsa seo batho ba ithutileng sona tlasa maemo a thata a bohloko le ho theha tshebedisano e amohelehang mme e ka sebediswang. Ka ho etsa jwalo, hona ke phephetso ho batho le mebuso ya Afrika ho utlwisisa hore tswelopele ke kgato ya boimatlafatso le boitshepo. Ka tsela e jwalo, Maafrika ha a tshwanela ho ba balebelli ba tswelopele empa e be baphethahatsi ba katleho ya bona.
Afrika le diphetoho tse akaretsang ka lefatshe lohle
Lefatshe le kene ka hare ho mileniamo ena e ntjha bohareng ba diphetoho tse kgolo tsa kgwebo. Diphetoho tsena tse kgolo di na le hona ho fana ka maemo le mokgwa wa nyakallo ya Afrika. Ha e le mona tshebetso ya lefatshe lohle e ekeditse bokgoni ba Afrika ba ho hlodisana le dinaha tse ding, re dumela hore menyetla ya tshebedisano e nang le bolaodi bo botle e tla hlahisa ditholwana tsa bohlokwa bakeng sa tswelopele ya kgwebo esita le phokotso ya bofutsana.
Diphetoho tsa kgwebo nakong ya jwale di thusitswe ke dintlafatso mererong ya thekenoloji ya phetiso ya tsebo le dikgokahanyo mme hona ho fokoditse ditefello mme ha eketsa lebelo la dikgokahanyo lefatsheng lohle mme ho fediswa ditshitiso tse nnileng tsa ba teng tsa nako le sebaka, mme hona ho tshwaetsa mekga yohle ya ntshetsopele ya bophelo ba setjhaba le kgwebo. Hona ho thusitse hore ho be le kamano ya mesebetsi ya setjhaba ya tlhahiso le kgwebo mme mme e bontshwa ka kgolo ya thomelo ka ho tshela moedi ha dintho, mesebetsi e itseng esita le tjhelete.
Ho amana ha mekgwa ya setjhaba ya tlhahiso e entse hore ho be bobebe ho eketsa boleng tlhahisong le mokgeng wa mesebetsi ya tlhahiso. Ka lehlakore le leng, ho phahama ha tshebediso ya tjhelete ho bolela hore batho ba adimang tjhelete, e le mebuso kapa mekgatlo ya poraefete ba tla lokela ho hlodisana le ho ipabola bakeng sa tjhelete tshebetsong ya lefatshe eseng feela mebarakeng ya setjhaba. Tshebetso tsena di ekeditse ditefello dinaheng tse hlolehang ho itshupa tlhodisanong. Afrika e fumana ditefello tsena di hlile di le boima haholoholo.
Ha e le mona ho se na karolo le ha e le nngwe e sa tshwaetswang ke mokgwa wa tshebetso ho ya ka lefatshe lohle, diphehiso tsa mabaowa le ditjhaba tse fapaneng di fapane haholo. Se bakang hore ho be le diphetoho tsena tsa tswelopele ke ditjhaba tse hlabolohileng haholo lehlakoreng la diindaseteri. Ha re tadima ka thoko ho moralo ona re fumana hore ho na le dinaha tse mmalwa lefatsheng lena le tswelang pele tse nang le seabo se seholo kgwebong ya lefatshe lohle. Dinaha tse tse ngata tse tswelang pele, haholoholo naha ya Afrika di na le seabo se sa totobalang ka lebaka la tikoloho le matlotlo a tsona.
Ho arolwa ha matlotlo ho totobatsa ho se lekane tshebetsong e akaretsang lefatshe lohle ka tsela e hlakileng. Ka lehlakore le leng menyetla e eketsehile bakeng sa ho theha kapa ho eketsa leruo, ho ba le tsebo esita le ho kgona ho etsa dintho tse itseng esita le ho ba le hona ho fumana dintho esita le ho fumana mesebetsi - ka bokgutshwanyane, ho ntlafatsa maemo a bophelo. Dikarolong tse ding tsa lefatshe ho kgothalla kektso ya menyetla bakeng sa kgwebo e butsweng bakeng sa bohle e theile menyetla ya ho ntsha batho ba dimilione ka hara bofutsana.
Ka lehlakore le leng, dikamano tsena tse tiileng di bakile hore dinaha tse sa kgoneng ho itshupa hantle tlhodisanong ya tswelopele di qhelelwe thoko ka ho fetisisa.. Ere ka ha ho se na melao e akaretsang bohle e theilweng tokeng, tshebetso ena e akaretsang lefatshe lohle e bakile hore dinaha tse matla di ntshetse pele ditakatso tsa tsona kgahlano le dinaha tse fokolang. Hona ho etsahala haholo mahlakoreng a kgwebo, tjhelete le thekenoloji. Hona ho etsa hore dinaha tse ntse di hola di be le bothata ba ho laola tswelopele ya tsona ka lebaka la hobane tshebetso ena e sa thuse dinaha tse fokolang. Maemo a dinaha tsena tse qheletsweng ka thoko a ntse a mpefetse le ho feta. Ho na le sekgeo pakeng tsa dinaha tse ka hare le tse ka ntle tshebetsong ena.
Re fumana hore ho sitwa ha Afrika ho phethahatsa tshebetso ena e akaretsang bohle lefatsheng ke lebaka la ditshitiso malebana le ho hola le tswelopele ka tsela ya thomello ya matlotlo esita le dipehelo tse sa lokang tsa kgwebo. Ka tsela e jwalo re hlokomela hore ho fokola ha boetapele ba dipolotiki le moruo dinaheng tse ngata tsa Afrika ho sitisa pokello le tshebediso e nepahetseng ya matlotlo ana a fokolang e le hore a be le tlhahiso e bonahalang e le ho hohela matsete dinaheng tsa lehae le dinaheng tse ka mose ho mawatle.
Boemo bona bo tlase ba ho hwebisana bo bolela hore ho hlokeha disebediswa tsa bohlokwa bakeng sa keketso ya matlole a poraefete esita le boitlamo. Qetello ya sena e ba ho wa ha moruo ho tswelang pele. Bothateng bona bo iphetaphetang, bokgoni ba Afrika bakeng sa ho ba le seabo mokgweng ona wa tshebetso ya lefatshe e akaretsang bo fokotsehile haholo mme hona ho lebisa boemong ba ho qhelelwa thoko. Ho fapanyetsana hona hwa leruo le bofutsana ke e nngwe ya dintho tse ngata tse tsamayang hammoho le tshebetso ena ya lefatshe ka kakaretso mme hona ho ntse ho fokodisa tswelopele.
Dilemong tse qetellang tsa ngwahaketekgolo e fetileng di bakile ho wa hwa tshebetso ya tjhelete dinaheng tse ngata tse tswelang pele. Hona ha ho a fokodisa feela boikemelo ba tshebetso ya tjhelete empa ho bakile hape ho wa ha tshebetso ka lefatshe lohle. E nngwe ya dintho tse bakilweng ke tshebetso ena e fokolang ya tjhelete e bile ho tswela pele hwa bofutsana ka tsela e phahameng. Ka lebaka lena palo e ka etsang halofo ya batho lefatsheng e phela ka tjheletana e ka bang didolara tsa Amerika tse pedi ka letsatsi mme palohare ya motho a le mong ho batho ba bahlano yona e phela ka dolara e le nngwe ya Amerika ka letsatsi le letsatsi.
Ho ntse ho na le dintlha tse ding tse bakang mathata a nako e telele. Dintlha tsena di akaretsa Hona ho baka hore ho be le ho eketseha ha palo ya batho ba qhelelwang thoko dikarolong tse fapaneng tsa lefatshe mme hona ho baka hore ho be le ho hloka botsitso pusong, ho be le ntwa ya bana ba thari mme ka lehlakore le leng ho be le dikgohlano malebana le dihlomo, ha ka lehlakore le leng ho na le phallo ya bongata ba batho. Ho eketseha ha tlhahiso ya diindaseteri esita le ho tswela pele ha bofutsana ho baka hore ho be le tshenyo e kgolo mawatleng a rona, tshenyo ya moya le dimela tsa tlhaho. Haeba bothata bona bo sa laolwe, bo tla tswela pele hoo mebuso e fapaneng e tla hloleha ho bo laola. Hona ho ka etsahala dinaheng tse tswetseng pele ekasitana le dinaheng tse ntseng di tswela pele.
Ha re so be boemong ba ho hlolwa ke ho fetola maemo ana a tshosang. Dintlafatso tsa maemo a bophelo a batho ba qhelelwang ka thoko di baka hore ho be le bokgoni ba tswelopele moruong wa matjhaba ka tsela ya ho bula mebaraka e metjha le ho sebedisa bokgoni bo eketsehileng ba moruo. Hona ho tla tlisa botsitso ka tsela e karetsang bohle lefatsheng esita le maikutlo a tswelopele ya moruo le tswelopele ya setjhaba.
Taelo ya tswelopele ha e phephetse feela ho ipha kelello bakeng sa boitshwaro; empa ke motheo wa bohlokwa bakeng sa ntshetsopele ya mokgwa wa tshebetso e akaretsang lefatshe lohle. Re amohela ka ntle ho qeaqeo hore mokgwa ona wa tshebetso o akaretsang wa lefatshe lohle o tswalwa ke metheo ya saense le thekenoloji mme yona e ntshetswa pele ke mebaraka. Le ha ho le jwalo, mebuso, haholoholo mebuso ya dinaha tse tswetseng pele, ka tshebedisano ya yona le mekga ya poraefete, e bile le seabo sa bohlokwa bakeng sa ho bopa sebopeho, dintlha tse amehang esita le tataiso tshebetsong ena.
Seabo sa balaodi ba setjhaba le ditsha tsa poraefete malebana le ho tataisa batho ka mokgwa ona wa tshebetso ya lefatshe lohle bakeng sa ho hlokomela hore hore mokgwa ona o atlehe ho tswela pele mme matlotlo a arolwe ka ho lekana, se dula se ntse se le matla. Ka lebaka la boiphihlelo, ho a totobala hore le hoja ho se na kgahlano e bakwang ke mokgwa ona wa lefatshe wa tshebetso dinaheng tse neng di futsanehile pele, ha ho na ntho e totobetseng leanong lena e fokotsang bofutsana le ho se lekane.
Ho hlokehang ke hore ho be le boikemisetso bo tiileng lehlakoreng la mebuso, mokga wa poraefete esita le ditsha tsa setjhaba se le seng esita le kamano e nepahetseng ya ditjha tsohle mabapi le moruo o akaretsang le dipolotiki. Hona ho qosa hore ho be le kamohelo ya tshebedisano ka lefatshe lohle malebana le tlhahiso le tlhoko, tikoloho e akaretsang polanete ena, phallo ya ho tshela meedi, bolaodi bo nepahetseng ba tjhelete bo netefatsang bolaodi ba kgwebo ya setjhaba le puso e akaretsang lefatshe lohle e amohelang tshebedisano pakeng tsa batho bohle. Re utlwisisa hore ke boikarabelong ba ditjhaba tsa matjhaba ho theha maemo a lokileng mme a kgotsofatsang e leng moo Afrika e ka bang le seabo se matla moruong o akaretsang wa lefatshe lohle esita le dipolotiki.
III BOIKEMISETSO BO BOTJHA BA DIPOLOTIKI BA BAETAPELE BA AFRIKA
Tshebedisano e ntjha ya tswelopele ya Afrika e amohela hore ho ile ha ba le boiteko ba ho ntshetsa pele mananeo a tswelopele ya kontinente yohle ka nako e fetileng. Ka mabaka a mangata a fapaneng, ka hare le ka ntle, ho nnile ha ba le ho hloka lehlohonolo boetapeleng ba Maafrika ka bobona. Le ha ho le jwalo, kajeno ho na le maemo a fetohileng a matjha ha jwale. Maemo ana a itshetlehile ka mokgwa o motjha wa tshebediso.
Bohato bona bo botjha ba tshebetso e ntjha bo thulane le popobotjha ya dikamano tsa matjhaba qetellong ya Ntwa ya Kgaphamadi. Hona ho amangwa le ho hlaha ha mantswe a matjha a tshireletso le ditakatso tsa motho ka nngwe e leng ho akaretsang tokelo ya tswelopele le phediso ya bofutsana. Demokerasi le ho loka ha mmuso di filwe moelelo o motjha e le ho kenyeletsa mmuso o nang le boikarabelo bo matla, tlwaelo ya ditokelo tsa botho esita le ho ba le seabo e le dintlha tsa bohlokwa.
Palo ya baetapele ba kgethilweng ka tsela ya demokerasi e eketsehile haholo. Ka lebaka la diketso tsa bona ba boletse hore tshepo ya baahi ba Afrika bakeng sa bophelo bo botle e ke ke ya hlola e thehwa hodima boitshwaro ba batho ba bang.
Demokerasi e ntse e ata e phatlalla le kontinente yohle mme e thoholetswa ke Kopano ya Afrika. Kopano ena ya Afrika e totobaditse leano le letjha le ho fedisa dikgohlano le ho fedisa ho iphapanya seo e leng tlwaelo kapa molao. Boiteko bona bo matlafatswa ke maikutlo a dihlopha tsa batho tse akaretsang mekgatlo ya basadi, batjha le baemedi ba baphatlalatsi ba fapaneng. Ho feta mona, mebuso ya Afrika e tsitlaletse hore ho be le tshebedisano mererong ya kgwebo le dikamano boemong ba mabatowa le kontinente yohle. Hona ho thusa ho amanya kuno ya kgwebo le ho matlafatsa menyetla ya tshebedisano ka kutlwano.
Diphetoho tse teng Afrika di se di ntse di hlokometswe ke mebuso yohle ya lefatshe. Kgoeletso ya Mileniamo ya Dinaha tse Kopaneng e ileng ya amohelwa ka kgwedi ya Loetse 2000 e dumellana le boitokisetso ba setjhaba ka lefatshe lohle bakeng sa ho tshehetsa mekutu ya naha ya Afrika bakeng sa ho fedisa tswelopele e fokolong esita le hona ho qhelelwa ka thoko. Kgoeletso ena e hatella hore ho be le kgothaletso ya thibelo ya dikgohlano esta le ho theha maemo a botsitso le demokerasi mona kontinenteng le hona ho tobana le diphephetso tsa ho fedisa bofutsana le malwetse. Kgoeletso ena e boetse e hlalosa hore ho be le boitelo ba setjhaba bakeng sa ho eketsa matlotlo a Afrika ka ho ntlafatsa thuso, kgwebo le setswalle sa kadimano pakeng tsa Afrika le dinaha tse ding tsa lefatshe esita le ho eketsa lekeno la tjhelete e tlang kontinenteng ena. Ke ntho ya bohlokwa jwale ho etsa hore boikemisetso bona bo phethahatswe.
Tshebedisano e Ntjha ya Ntshetsopele ya Afrika e theilwe hodima borui le bolaodi ba Afrika. Ka lenaneo lena baetapele ba Afrika ba hlophisa dintlha tsa ntjhafatso ya kontinente ena. Dintlha tsena tse hlophiswang di theilwe hodima dintlha tsa bohlokwa tsa naha le mabatowa esita le meralo ya tswelopele e lokelang ho hlophiswa ka lebaka la tshebetso ya ho ba le seabo ha batho. Re a dumela hore le ha baetapele ba Afrika ba fumana ditaelo ho setjhaba, e ntse e le boikarabelo ba bona ho phethahatsa ditlhophiso tsena esita le ho etella pele tshebetso ya phethahatso lebitsong la setjhaba.
Lenaneo lena ke moralo o motjha wa tshebedisano le dinaha tse ding tsa lefatshe, hammoho le dinaha tse tummeng ka indaseteri le mekgatlo e sebetsang hammoho ka kutlwano. E theilwe hodima dintlha tse kgethilweng ke baahi ba Afrika ka boithaopo ba bona mme ka thato ya bona ho aha botjha seo e tla ba qetello ya bona.
Bakeng sa ho fihlella merero ena, baetapele ba Afrika ba tla lokela hore e mong le e mong a be le boikarabelo mabapi le dintlha tsena tse latelang:
Ho matlafatsa mekgwa ya ho thibela dikgohlano, ho matlafatsa bolaodi boemong ba lebatowa le kontinente esita le ho etsa bonnete ba hore mekgwa ena e sebediswa ho boloka le ho baballa kgotso;
Ho ntshetsa pele le ho baballa demokerasi le ditokelo tsa botho dinaheng le mabatoweng a amehang ka ho theha maemo a boikarabelo a hlakileng, ho tsebahatsa ditaba phatlalatsa esita le puso eo e mong le e mong a nang le seabo boemong ba setjhaba le karolwana ya setjhaba;
Ho ntshetsa pele botsitso ba kgwebo boemong, haholoholo ka ho theha maemo a tshwanelehang bakeng sa maano a tshebediso ya tjhelete le hona ho hlahisa meralo ya tshebetso bakeng sa ho fihlella maemo ana;
Ho sebedisa meralo e tsejwang ke bohle mme e yang ka molao bakeng sa mebaraka ya ditjhelete le bohlahlobi ba dikhamphani tsa poraefete le mokga wa setjhaba;
Ho ntjhafatsa le ho ntlafatso meralo ya thuto, thupelo ya botekgeniki le mesebetsi ya bophelo bo botle ka ho hatella haholo thibelo ya HIV/AIDS, malaria le mafu a mang?a tshwaetsang.
Ho ntshetsa pele seabo sa basadi tswelopeleng ya setjhaba le kgwebong ka ho matlafatsa bokgoni ba bona mererong ya thuto le thupelo; ka ho ntshetsa pele mesebetsi e lefang ka ho potlakisa lekeno esita le ho esa bonnete ba hore ba na le seabo mererong ya dipolotiki le kgwebo mona dinaheng tsa Afrika;
Ho etsa hore dinaha tsa Afrika di be le bokgoni ba ho theha le ho sebedisa moralo wa molao esita le ho hlokomela hore ho be le molao le taolo;
Ho ntshetsa pele menyetla ya disebediswa, temo le diindaseteri tsa temo tse fapaneng mme tse nang le tlhahiso e thusang mebaraka ya lehae le mebaraka ya thomello.
IV. BOIPILETSO HO BATHO BA AFRIKA
Morero wa tsoseletso ya Boafrika e leng morero o tla thusa kontinente ya rona e sohlokilweng ka mengwaha e melelele e lokela ho iphumanela sebaka sa yona se e tshwanelang lefatsheng. Hona ho qosa hore ho be le kgwebo e matla e kgona ho hlodisana le tse ding ha e le mona lefatshe le fetohela tokolohong le dihlodisanong tse matla.
Tshebedisano e Ntjha ya Ntshetsopele ya Afrika e tla atleha feela ha e laolwa ke baahi ba Afrika mme ba kopane hammoho ka mefuta ya bona.
Ka lebaka la ho thefulwa ke bokgoba, bobodu le bolaodi bo fokolang ba kgwebo, naha ya Afrika e batla e hula ka boima. Le ha ho le jwalo, ha matlotlo a yona a tlhaho kapa basebetsi ba ka sebediswa hantle ka nepo, hona ho ka etsa hore qetellong e hole mme e iphumanele ho eketsa monyetla wa yona wa ho ba lehokela kgwebong ya lefatshe.
Ke ka lona lebaka lena batho ba rona ba lokelang ho kgothala le hoja ba ntse ba na le mathata. Ba lokela ho ba le tshepo ya boitsebelo le bokgoni ba bona ba ho thulana le mathata mme ba be ba ikakgele ka setotswana kahong ya Afrika e ntjha. Boikitlaetso bona boo re bo bong nakong ya hona jwale ke totobatso ya boitelo ba baetapele ba Afrika ba ho phethahatsa morero ona wa bohlokwa.
Le ha ho le jwalo, batho ba rona ba ka hlola ntwa ena feela ha ba iphumana e le balaodi ka bokamoso ba bona.
Ke ka lebaka lena ha baetapele ba dipolotiki ba ipiletsa ho baahi ba Afrika ka ho fapana ha bona, ho hlokomela bohlokwa ba maemo ana le hona ho ithera ho fedisa ho qhelelwa ka thoko hwa kontinente ya rona le ho tiisa hore e tswela pele ka ho kwala sekgeo sa tswelopele pakeng tsa yona le dinaha tse ding tse seng di tswetse pele.
Re a kopa ke hona hore batho ba Afrika ba tobane le phephetso ena ka ho tshehetsa phethahatso ya boikemisetso bona ka ho theha mekgatlo maemong a fapaneng ho ithera le hona ho phethahatsa.
Baetapele ba kontinente ba a hlokomela hore bohlale ba batho le ho ba le kelello e tjhatsi ho lekangwa ka ho ba le mehopolo ya bohlokwa le boikemisetso e le ho tiisa hore tswelopele e be teng.
Ha re a lokela ho tlohela ho phethahatsa lenaneo lena la bohlokwa la ho theha le ho kgutlisetsa madulong kgwebo ya rona esita le ditjhaba tsa rona tsa demokerasi. Ka tsela e jwalo, baetapele ba Afrika ba kgolwa hore Afrika jwalo ka ha e ile ya ba kontinente eo tswelopele ya yona e ileng ya ba le mathata, e tla boela e tswela pele ka lebaka la boikemisetso bona.
V. LENANEO LA TSHEBETSO: MOKGWA WA HO FIHLELLA KATLEHO LE TSWELOPELE KA NGWAHAKETEKGOLO YA MASHOME A MABEDI A MOTSO O MONG
Tshebedisano e Ntjha ya Ntshetsopele ya Afrika e fapane ka mokgwa le maqheka a tshebetso ha e bapiswa le meralo e meng ya tshebetso e mabapi le tswelopele ya Afrika, le hoja mathata a lokelang ho rarollwa ona a ntse a tshwana.
Tshebedisano e Ntjha ya Ntshetsopele ya Afrika e tadingwa e le lenaneo la tswelopele la nako tsohle leo e leng la Maafrika mme ebile le laolwa ke ona Maafrika.
Lenaneo lena la tshebetso le kenyeletsa dintlha tse hlophisitsweng ka ho re ke tsa bohlokwa ka ho fetisisa mme di ka fetolwa ka nako le nako ke Dihlooho tsa Komiti ya Mmuso ya Tshebetso. Lenaneo lena le akaretsa tsohle tse lokelang ho etswa ka nako e kgutshwanyane ho sa natswe dintho tse ngata tse lokelang ho etswa.
Le hoja ho lebeletswe hore ho tla ba le tshehetso ya ditjhelete bakeng ba nako e telele ka ho latela tshebetso ena, ho lokela hore ho potlakelwe merero ena e le ho fedisa bofutsana naheng ya Afrika le ho etsa hore dinaha tsa Afrika, ka bonngwe kapa ka kopanelo di be motjheng wa ho hola le ho tswela pele esita le hona ho emisa ka ho qhelelwa ka thoko ho tshebetso ena e tshwanang ya dinaha tsohle tsa lefatshe.
Le hoja ho na le dintho tse hlwailweng e le tsa bohlokwa ka ho fetisisa, dintho tse kgethilweng di tla ba le molemo o moholo mafapheng a mang a itseng ka nako e tlang.
Le hoja mehato ya kgolo e le molemo hakaalo, mehato ena ha e na molemo o mokaalo o lekaneng bakeng sa ho thusa dinaha tsa Afrika ho fihlella sepheo sa tsona sa ho fedisa bofutsana. Boikemisetso ba Afrika hona jwale ke ho hlokomela hore ho be le tswelopele maemong a hlokehang e le ho fedisa bofutsana le ho hlokomela hore ho be le tswelopele ka mehla yohle. Hona ho ama dintlha tse kang ho ba teng ha disebediswa, keketso ya tjhelete, tjhelete ya motho ka mong, ditsha, dibopeho tse fapaneng, maikutlo a tlhodisano, bophelo le paballo e lokileng ya tikoloho.
Sepheo sa Tshebedisano ena e Ntjha mabapi le Ntshetsopele ya Afrika ke ho etsa kgothaletso malebana le tswelopele ya Afrika ka ho kwala sekgeo mekgeng e tshepilweng e le ho thusa kontinente hore e kgone ho kgema le maemo a tswelopele dikarolong tse ding tsa lefatshe.
Boikemisetso bona bo botjha ba nako e telele e tlang bo tla hloka hore ho be le matsete a bonahalang bakeng sa ho fedisa dikgeo. Boikemisetso ba nako e tlang ba Afrika ke hona ho ba le hona ho iketsetsa matlole a ho nyolla mokotla ka tsela e bobebe e ka kgonehang. Ke ka lona lebaka lena re etsang kgoeletso ho bao re sebedisang le bona hore ba re thuse boitekong bona.
Morero wa nako e telele
Ho fedisa bofutsana naheng ya Afrika le ho etsa hore dinaha tsa Afrika, ka bonngwe kapa ka kopanelo di be motjheng wa ho hola le ho tswela pele esita le hona ho emisa ka ho qhelelwa ka thoko ho tshebetso ena e tshwanang ya dinaha tsohle tsa lefatshe.
Ho ntshetsa pele seabo sa basadi mesebetsing ena yohle.
Diphetho
Ho fihlella le ho hlokomela hore ka mehla ho be le kgolo ya tlhahiso kapa dihlahiswa ka palo ya diphesente tse 7 ka selemo ka nako ya dilemo tse ka bang 15;
Ho etsa bonnete ba hore kontinente e fihlella moedi wa Diphetho tsa Matjhaba tsa Tswelopele, e leng sena tse latelang:
Ho fokotsa palo ya batho ba phelang ka bofutsana ba ho ja dinta ka halofo pakeng tsa dilemo tsa 1990 le 2015;
Ho ngodisa bana bohle ba dilemong tsa ho kena sekolo dikolong tsa bana ba banyenyane tsa poraemari ka selemo sa 2015;
Ho tswela pele ka ho hlokomela hore ho be le tekano ya bong le hona ho fa basadi sebaka ka ho fedisa ho se lekane hwa bong thutong ya poraemari le ya sekondari ka selemo sa 2005;
Ho fokotsa ho shwa ha masea le bana ka palo ya pedi borarong pakeng tsa 1990 le 2015;
Ho fokotsa ho shwa ha baimana ka palo ya ditorara tse tharo pakeng tsa selemo sa 1990 le 2015;
Ho fana ka monyetla ho bohle ba batlang ditshebeletso tsa bophelo bo botle ka selemo sa 2015;
Ho sebedisa mekgwa ya tswelopele boemong ba setjhaba e le ho tiisa hore ho be le tswelopele e tsitsitseng ka selemo sa 2005, e le ho fedisa le ho fetola tahlehelo ya matlotlo a tikoloho ka selemo sa 2015.
Mokgwa ona wa tshebetso o lebeletswe ho hlahisa diphetho tsena tse latelang:
Kgolo le tswelopele ya ekonomi esita le ho eketseha ha mesebetsi;
Phokotso ya bofutsana le ho se lekane;
Ho fetolwa ha mesebetsi ya bohlokwa, ho ba le maikutlo a phahameng a tlhodisano ya matjhaba esita le tshebetso e eketsehileng ya thomelo ya dihlahiswa;
Ho ba le seabo ho eketsehileng hwa naha ya Afrika.
Ha e le mona ho hlokomeleha hore haeba ho sa etswe ntho e ntjha kapa ho sa etswe phetoho e bonahalang, naha ya Afrika ha e na fihlella Diphetho tse lebeletsweng tsa Tswelopele ya Matjhaba esita le ho fihlella diphesente tse 7 tsa Kgolo ya Tlhahiso ya Dihlahiswa, Dihlooho tsa Mmuso dinaheng tsa Afrika di hlahisa tshisinyo ya lenaneo lena le hlaloswang mona ka tlase. Lenaneo lena le tshehetswa ka ditaba tsa bohlokwa tsa sehlooho mme ebile le matlafatswa ka lenaneo la tshebetso le hlakisang tsohle.
Kgotso, Tshireletso, Demokerasi le Puso ya Dipolotiki
Baetapele ba Afrika ba se ba ithutile ho latela boiphihlelo ba bona hore kgotso, tshireletso, demokerasi, puso e lokileng, ditokelo tsa botho esita le bolaodi bo botle ba kgwebo ke majwana a motheo malebana le tswelopele e tiileng ya kamehla yohle. Ba etsa tshepiso e tiileng ya hore ba tla sebetsa ka bonngwe kapa ka kopanelo ho ntshetsa pele maano ana dinaheng tsa bona, mabatoweng a manyenyane esita le kontinenteng yohle.
i Boikemisetso ba ntshetsopele ya kgotso le tshireletso
Boikemisetso ba ntshetsopele ya Kgotso le Tshireletso bo na le dintlha tse tharo tse latelang:
Ho ntshetsa pele dipehelo tsa nako e telele e tlang malebana le tswelopele le tshireletso;
Ho theha bokgoni ba ditsha tsa Afrika e le hore di tsebe ho ka eletsa nako e sa le teng esita le hona ho matlafatsa bokgoni ba ditsha tsena tsa Afrika ho thibela, ho laola le ho rarolla dikgohlano;
Ho etsa hore ditsha di be le boikarabelo malebana le Tshebedisano e Ntjha ya Ntshetsopele ya Afrika ka ho sebedisa boetapele.
Dipehelo tsa nako ena e telele e tlang bakeng sa ho netefatsa hore ho ba le kgotso le tshireletso ka hare ho Afrika di hloka dintlha tse hlakileng tsa leano le sebediswang e le ho sebetsana le ditaba tse amang puso kapa dipolotiki le ditaba tsa setjhaba tse buang ka kgohlano. Dintlha tsena di sebetswa ke Baithaopi ba Dipolotiki le Puso ya Kgwebo, Tshebediso ya Tjhelete esita le Ho ba le seabo dimmarakeng le Ntshetsopeleng ya Batho.
Mekutu ya ho theha bokgoni ba Afrika malebana le ho laola maemo a fapaneng a kgohlano e lokela ho tadimana le mekgwa e tshwanelang bakeng sa ho matlafatsa ditsha tsa mabatowa le mabatowa a manyenyane ka ho latela dintlha tsena tse nne tse latelang:
Thibelo, taolo le tharollo ya kgohlano;
Ho theha kgotso, ho baballa kgotso le ho qobella hore kgotso e be teng;
Poelano ka mora kgohlano, tlhabollo le kahobotjha;
Thibelo ya tshebediso ya dihlomo tse nyenyane, dibetsa tse bobebe esita le diqhomane tsa merafo.
Boetapele ba Tshebedisano e Ntjha ya Ntshetsopele ya Afrika bo tla hlokomela hore nakong ya dikgwedi tse tsheletseng tsa ho thehwa ha bona le hlakise metheho ya karolo ka nngwe ho tsena tse nne tse boletsweng ka hodimo. Tshebetso ena e tla kenyeletsa seo ba nang le seabo ba lebellwang ho se etsa, sebopeho le mehlodi ya tshebetso ya ditjhelete bakeng sa mesebetsi eo.
Foramo ya Dihlooho tsa Dinaha e tla sebetsa jwalo ka mohlodi wa bolaodi ba Tshebedisano e Ntjha ya Ntshetsopele ya Afrika bakeng sa ho eketsa bokgoni ba ditsha tsa Afrika ho ntshetsa pele kgotso le tshireletso kontinenteng, ho arolelana boiphihlelo esita le ho kgothaletsa hore ho be le tshebetso e kopanetsweng. Foramo ena e tla etsa bonnete ba hore ho phethahatswa maano le boikemisetso bona.
Ha e le mona ho hlokomelwa ditshwanelo tsena, Maafrika a lokela ho etsa mekutu yohle ho rarolla dikgohlano tse teng hore di se ke tsa hlola di ba teng ho hang; ho matlafatsa tshireletso pakeng tsa dinaha le ho ntshetsa pele kgotso mahareng a dinaha tse fapaneng.
Kopanong ya Boitekolo e neng e tshwaretswe mane Lusaka Kopano ya Afrika e ile ya etsa qeto ya hore ho nkuwe mehato e matla bakeng sa ho ntjhafatsa le ho tsosolosa ba ikarabellang bakeng sa thibelo ya kgohlano le tharollo ya kgohlano.
Ha jwale ke ntho e tsebahalang hore tswelopele e ke ke ya ba teng haeba ho se na demokerasi ya nnete, tlhompho ya ditokelo tsa botho, kgotso le puso e lokileng. Ho latela Tshebedisano ena e Ntjha ya Ntshetsopele ya Afrika, Afrika e itlama ho hlompha le ho ntshetsa pele maemo a demokerasi ao dikarolo tsa bohlokwa tsa ona e leng mekga e mengata ya dipolotiki, ho amohela ho ba teng ha mekgatlo e mengata ya dipolotiki esita le dikopano tsa basebetsi, dikgetho tse tshepahalang, tse akaretsang bohle mme tse lokolohileng, tse hlophiswang ka nako le nako ho dumella setjhaba ho ikgethela baetapele ba sona ka bolokolohi.
Sepheo sa Tshebetso ena ya Demokerasi le Puso ke ho kgothaletsa hore ho matlafatswe moralo wa dipolotiki le bolaodi wa dinaha tse nang le seabo ka ho latela maano a demokerasi, ponaletso, boikarabelo, bokgoni ba boikarabelo, tlhompho ya ditokelo tsa botho esita le ntshetsopele ya puso ya molao. E matlafatswa le ho tshehetsa Tshebetso ya Puso ya Kgwebo eo e nang le makgabane a tshwanang le yona mme tsena tsohle di sebediswa ho ntshetsa pele kontinente lehlakoreng la tswelopele le phediso ya bofutsana.
Kgothaletso ena e akaretsa dintlha tsena tse latelang:
Lethathama la dintlha tsa boikemisetso ba dinaha tse nang le seabo bakeng sa ho theha le ho hlophisa mesebetsi ya sethatho ya puso;
Tshepiso ya dinaha tse nang le seabo ho etella pele mesebetsi ena e le ho etsa bonnete ba hore ho ba le puso e lokileng;
Ho etsa bonnete ba hore ditsha di ba le boikemisetso ho latela Tshebedisano ena e Ntjha ya Ntshetsopele ya Afrika ho hlokomela hore dintlha tsa bohlokwa tsa tshebetso ena di a phethahatswa.
Tshebedisano e Ntjha ya Ntshetsopele ya Afrika e tla hlokomela le ho phethahatsa maemo a tshwanelang a puso e lokileng esita le diketso tsa demokerasi empa ka lehlakoreng le leng e ntse e tshehetsa ho e nngwe le e nngwe ya dintlha tsena. Mebuso e nang le seabo e tla tshehetswa ha e phethahatsa merero ena e tshwanelehang ya ntlafatso. Ka nako ya dikgwedi tse tsheletseng tsa Tshebedisano e Ntjha ya Ntshetsopele ya Afrika ho tla etswa dikgothaletso tsa disebediswa tsa hlahlobo, e le ho ikamahanya le merero ya puso e lokileng esita le lemoha bofokodi le hona ho batla matlotlo le bokgoni ba ho fedisa bofokodi bona.
Bakeng sa ho matlafatsa puso ya dipolotiki le hona ho ba le bokgoni ba ho fihlella boikemisetso bona, bolaodi ba Tshebedisano e Ntjha ya Ntshetsopele ya Afrika bo tla ntshetsa pele mosebetsi wa ho fihlella merero yohle ya bohlokwa e rerilweng. Diphetoho tsena tsa bohlokwa tse lebeletsweng di tla tadimana le:
Mesebetsi ya taolo esita le dikamano tsa setjhaba;
Ho matlafatsa ponelopele ya palamente;
Ho ntshetsa pele ketso ya diqeto e akaretsang bohle ba nang le seabo;
Ho etsa diphetoho tsa molao.
Dinaha tse nang le seabo tshebetsong ena di tla etella tse ding pele ka ho tshehetsa le ho theha ditsha tse hlokomelang merero e kang ena. Ba tla itella ho theha le ho matlafatsa dibopeho tsa boemo ba naha, mabatowa a manyenyane esita le dibopeho tsa kontinente tse ntshetsang pele puso e lokileng.
Foramo ya Dihlooho tsa Mebuso mabapi le Tshebedisano e Ntjha ya Ntshetsopele ya Afrika e tla ba mokgwa oo bolaodi ba Tshebedisano e Ntjha ya Ntshetsopele ya Afrika bo tla hlahloba ka nako le nako tswelopele ya dinaha tsa Afrika malebana le boikemisetso ba ho phethahatsa puso e lokileng le tlhabollo ya setjhaba. Foramo ena e tla be e etse monyetla wa hore dinaha tse fapaneng di be le hona ho buisana e le hona ho kgothaletsa hore ho be le puso e lokileng le mesebetsi ya bohlokwa ya demokerasi.
Kgothaletso ya Kgwebo le Puso ya Kopanelo
Kaho ya puso ya kopanelo ke ntho ya bohlokwa e thehang dipehelo tsa tswelopele. Mmuso o na le boikarabelo bo boholo ba ho ntshetsa pele kgolo le tswelopele ya kgwebo esita le hona ho sebedisa mananeo a phokotso ya bofutsana. Le ha ho le jwalo, mebuso e mengata ha e na bokgoni ho phethahatsa morero ona. Ka tsela e jwalo, dinaha tse ngata di hloka maano le meralo ya tataiso bakeng sa kgolo e laolwang ke mokga wa poraefete. Ba hloka bokgoni ba ho sebedisa mananeo ana le ha ba na le tshehetso ya tjhelete.
Ke ka lebaka lena theho ya bokgoni bo lebeletsweng e leng ntho e lokelang ho tadingwa e le ya bohlokwa ka ho fetisisa. Dikarolong tse fapaneng, mananeo a lokela hore a hlahlojwe hore a totobatsa bokgoni pele mme ho latele tlhahiso ya tshehetso e tshwanelehang.
Morero
Ho ntshetsa pele dinaheng tse nang le seabo mananeo a bonahalang mme a tsepameng nakong ka sepheo sa ho atlehisa boleng ba bolaodi ba kgwebo le taolo ya ditjhelete tsa setjhaba hammoho le puso ya kopanelo.
Diketso
Sehlopha sa Tshebetso se theilweng ka Matona a Ditjhelete le Dibanka tse Bohareng se tla tshepelwa ho hlahloba mesebetsi ya kgwebo le puso ya kopanelo dinaheng tse fapaneng le mabatoweng mme se etse dikgothaletso malebana le maemo a tshwanelehang esita le melawana ya tshebetso e atlehileng e le hore di tle di hlahlojwe ke Dihlooho tsa Komiti ya Mmuso ya Tshebetso nakong ya dikgwedi tse tsheletseng.
Komiti ena ya tshebetso e tla lebisa dikgothaletso tsa yona mebusong ya Afrika e le hore di sebediswe.
Komiti ena ya tshebetso e tla tadima haholo bolaodi ba ditjhelete tsa setjhaba. Dinaha di tla hlophisa lenaneo la ntshetsopele ya bolaodi ba ditjhelete tsa setjhaba esita le tse lebeletsweng ho fihlellwa mme ho tla be ho thehwe le mekgwa ya hlahlobo.
Komiti ya Tshebetso ya Dihlooho tsa Mebuso e tla hlopha tse ka sebediswang bakeng sa ho thusa dinaha tsohle ho ikamahanya le maemo a lebeletsweng esita le boitshwaro.
Mekgwa e Sebediswang ke Mabatowa a Manyenyane le a Maholo bakeng sa Ntshetsopele
Dinaha tse ngata tsa Afrika di a fokola ha re tadima lehlakore la palo ya baahi esita le matla a moruo kapa kuno ya naha ka nngwe. Ka lebaka la mebaraka e sa tsweleng pelehakaalo, dinaha tsena ha di kgahle le ho buseletsa batho ba ikemiseditseng ho tsetela ho tsona ka letho mme hona ho bile ho baka hore ho be le phokolo e kgolo tlhahisong ya dihlahiswa tse fapaneng esita le thomello ya tsona ho ya dinaheng tse ding. Hona ho fokotsa matsete a mekga e fapaneng e leng matsete ao hangata a ntshetswang pele ke kgwebo e atlehileng.
Dipehelo tsena tsa kgwebo di totobatsa hore dinaha tsa Afrika di lokela ho ntlafatsa matlotlo a tsona esita le hona ho ntshetsa pele tswelopele ya mabatowa le kopanelo ya kgwebo mona kontinenteng e le hore ho tle ho ntshetswe pele maikutlo a tlhodisano kgahlano le matjhaba. Dihlotshwana tse hlano tsa mabatowa a manyenyane tsa kgwebo kontinenteng ena di lokela ho matlafatswa.
Tshebedisano ena e Ntjha ya Ntshetsopele ya Afrika e tadimana le tlhahiso ya diphahlo tsa bohlokwa tsa setjhaba mabatoweng jwalo ka dipalangwang, eneji, metsi, ditshebeletso le thekenoloji ya dikgaokahano, phediso ya malwetse, poloko ya tikoloho le tlhahiso ya diphuputso boemong ba mabatowa hammoho le kgwebisano ya dinaha tsa Afrika ka botsona le matsete. Ho tla tadingwa haholo moralo wa kgwebisano ka ho hlwaya merero e ka sebediswang ka ho kopanya dinaha le mabatowa le hona ho amanya maano le mesebetsi ya kgwebo le matsete. Ho lokela hore ho be le kamano paken g tsa maano a mokga wa naha le ho lekolwa ho matla hwa diqeto tsa mabatowa.
Tshebedisano e Ntjha ya Ntshetsopele ya Afrika e tla kgothaletsa haholo ho ipabola ka makgabane e le ho ntshetsa pele tshebetso e ntle ya mabatowa le mekgatlo e seng e ntse e le teng ya mabatowa. Banka ya Ntshetsopele ya Afrika e lokela ho thusa haholo ka ho tshehetsa ka ditjhelete dithuto bakeng sa mabatowa, mananeo le merero e meng e itseng.
Dikarolo tse akaretswang ke lenaneo lena ele sebediswang ha jwale le akaretsa dintlha tsena tsa bohlokwa tse latelang:
i Tse fumanehang bakeng sa ditshebeletso, haholoholo tsebo le dikgokahano tsa thekenoloji le eneji.
ii Matlotlo a bohlokwa a amang batho kapa basebetsi, jwaloka thuto, ntshetsopele ya mesebetsi e itseng, esita le hona ho hlabolla kelello ka ho itebatsa tse fetileng iii Bophelo bo botle iv Temo v Ho ba le seabo sa ho hwebisana le mebaraka ya dinaha tse tswetseng pele bakeng sa thomello ya dihlahiswa tsa Afrika.
Bakeng sa mokga o mong le o mong, sepheo ke ho fedisa phapano kapa sekgeo se teng pakeng tsa Afrika le dinaha tse ding tse tswetseng pele e le ho ntlafatsa maemo a tshebetso e ka bapiswang le ho hlodisana le ya dinaha tsa matjhaba esita le hona ho thusa hore Afrika e be le seabo tshebetsong ya dinaha tsa lefatshe lohle. Maemo a ikgethang a sehlekehleke sa Afrika le dinaha tse ding a tla hlahlojwa boemong bona.
B. TSE KGOTHALETSWANG KE MEKGA
Phediso ya sekgeo sa dintho tse sebediswang i Mekga yohle ya dintho tse sebediswang
Disebediswa tse tla tadingwa di kenyeletsa ditsela, ditsela tse kgolo, boemafofane, boemakepe, ditsela tsa metsi, esita le dikgokahano tsa mehala. Le ha ho le jwalo, ho tla tadingwa feela mabatowa a manyenyane kapa disebediswa tse fumanwang kontinenteng ho latela moralo ona.
Ho ba teng ha disebediswa ke e nngwe ya dintho tsa bohlokwa tsa motheo bakeng sa kgolo ya kgwebo mme ho lokela hore ho fumanwe tharollo malebana ho thusa Afrika hore e hole ho fihla boemong ba dinaha tse tswetseng pele ka tsela ya pokello ya thepa esita le tjhelete.
Ha e ne eba Afrika e ne e na le metheo ya disebediswa tse tshwanang le tsa dinaha tse tswetseng pele, e ne e tla ba boemong bo botle ba ho sebetsana le tlhahiso le hona ho ntshetsa pele tlhahiso e le hore le yona e itshupe hara dinaha tse ding tsa matjhaba. Sekgeo sena se bonahalang sa disebediswa se baka mathata kgahlano le kgolo ya kgwebo esita le hona ho fokotswa ha bofutsana. Afrika le ditjhaba tse ding tsa dinaha tsa matjhaba di ne di tla ba le hona ho fumana thepa ya Seafrika esita le mesebetsi e theko e tlase.
Dinaheng tse ngata tsa Afrika dinaha tsa bokolone di hlomile metheo ya disebediswa e le ho hlokomela hore ho romelwe dintho tsa Seafrika dinaheng tse ding le hona ho romela dintho tse tswang diindasetering ho romelwa naheng ya Afrika.
Re a hlokomela hore haeba metheo ya disebediswa e lokela ho atleha mona Afrika, tshehetso ya ditjhelete ya poraefete ya dinaha tse ding e a hlokeha e le ho tlatsa mekgwa ena e mmedi ya tshehetso ya ditjhelete, e leng, mokitlane le thuso.
Tshebetso ya boithaopo malebana le metheo ya disebediswa e lokela ho kenyeletsa dintlha tse tla tsejwa ke mekga yohle ya metheo ya disebediswa. E lokela hape ho kenya dintlha tse o e leng tsa mokga ka ho qolleha.
Merero
Ho etsa hore difeme le basebedisi ba kgone ho ka sebedisa le ho ba le tshepo tsebedisong ya metheo ena ya disebediswa;
Ho eketsa tshebedisano boemong ba lebatowa le kgwebo ka ntshetsopele ya metheo ya disebediswa;
Ho eketsa matsete a tjhelete metheo ya disebediswa ka ho fedisa mathata a ka hlahelang batho ba poraefete ba tsetelang, haholoholo tikolohong eo ho sebediswang leano le meralo ya taolo;
Ho ntshetsa pele tsebo le bokgoni ba ho etsa mesebetsi e itseng ya thekenoloji le boenjenere ka sepheo sa ho theha, ho sebedisa le ho baballa metheo e matla ya marangrang a disebediswa mona Afrika.
Diketso
Ka ho sebedisa baemedi ba mokga o ikgethileng, re lokela ho sebedisa leano le moralo wa molao bakeng sa ho kgothaletsa maikutlo a tlhodisano. Ka lehlakore le leng ho hlahiswe meralo e metjha ya molao eista le ho theha bokgoni ho balaodi e le ho ntshetsa pele kamano ya leano le molao e le ho hodisa meedi ya tshebedisano le kgolo ya mmaraka;
Ho eketswe matsete a metheo ya disebediswa, haholoholo ntjhafatso le hona ho ntlafatsa mesebetsi ya paballo metheo ya disebediswa motjhaotjhele;
Ho kgothaletsa hore ho be le ntshetsopele ya ditsha tsa thupelo le marangrang a ka thusang ho ntshetsa pele le ho hlahisa batho ba nang le boitsebelo bo tebileng ba tekgeniki le boenejere mekgeng e fapaneng ya metheo ya disebediswa;
Ho kgothaletsa hore setjhaba (le mosebedisi ka mong) se be le seabo ha ho etswa metheo ya disebediswa, paballo le bolaodi ba metheo ena dibakeng tse sa tswelang pele tsa makeishene esita le dibakeng tsa mapolasi ka ho ikamahanya le Meralo ya Boithaopo ya Mmuso ya Tshebedisano e Ntjha ya Ntshetsopele ya Afrika;
Ho sebedisana le Banka ya Ntshetsopele ya Afrika esita le ditsha tse ding tsa ntshetsopele tse sebetsanang le ditjhelete mona kontinenteng ena e le ho leka maqheka a ho bokella tjhelete ka tsela ya tshebetso e fang e mong le e mong sebaka sa ho ba le seabo, ditsha esita le mebuso eo e leng mehlodi ya thuso e le ho fumana tshehetso ya tjhelete ka ho sebedisa dipuisano tse bohareng;
Ho ntshetsa pele tlhahiso e le ntho ya bohlokwa bakeng sa batho ba tsetelang le ho hlokomela hore ho be le tshehetso ya ditjhelete malebana le ditlhoko tsa mafutsana ka ho etsa hore ho be le bokgoni ba ho sebedisa le ho laola ditumellano tse jwalo;
Ho tlatseletsa dintlha tsena, ho na le dintlha tsena tse latelang tse amang mokga ka ho qolleha bakeng sa metheo ya disebediswa tse fapaneng.
ii Ho fedisa dikgeo mabapi le diabelo: Ho tsetela ho Tsebo le Dikgokahano tsa Thekenoloji
Tsebo le Dikgokahano tsa Thekenoloji e laolwang ke tshebedisano ya dikhomputa, dikgokahano tsa mehala le bophatlalatsi bo tlwaelehileng ke dintho tsa bohlokwa bakeng sa kgwebo e theilweng hodima tsebo bakeng sa bokamoso. Ho tswela pele ho potlakileng ha thekenoloji esita le ho qepha ha phumano ya disebediswa tsa tsebo le dikgokahano tsa thekenoloji di hlahisitse le ho bula menyetla e meng e le hore dinaha tsa Afrika di tle di potlakise kgolo ya ekonomi le tswelopele. Tse ka hlahiswang ke ho thehwa ha Mmaraka o le mong le Kopano ya Afrika di ka atleha haholo ho latela diphetoho tsa tsebo ya thekenoloji.
Tshebediso ya Tsebo le Dikgokahano tsa Thekenoloji e ke ke ya thusa kgwebisano ka hare ho lebatowa feela empa e ka boela ya potlakisa ho ba le seabo ha Afrika tshebetsong ya lefatshe lohle e amang kgwebo.
Tshebediso e matla ya Tsebo le Dikgokahano tsa Thekenoloji e ka baka menyetla ya tswelopele bakeng sa kontinente. E ka:
E ka ba sesosa sa tswelopele ya demokerasi le puso e lokileng;
E ka potlakisa ho kopa ha Afrika e le setjhaba se setjha se nang le tsebo e phethahetseng mme se sebedisang mefuta ya meetlo ya sona mokgwa wa ho tswela pele;
Tshebediso ya Tsebo le Dikgokahano tsa Thekenoloji e ka ba sesebediswa sa bohlokwa bakeng sa ho phetha tse latelang: ho tseba ka ditaba tse hole esita le ho tseba haholwanyane ka tikoloho, temo le moralo wa metheo ya disebediswa;
Maemo ana a tlatsetso a ka sebediswa hantle bakeng sa ho rupela e le ho dumella hore ho be le tlhahiso ya ditsebi tsa tshebediso ya Tsebo, Dikgokahano le Thekenoloji.;
Mokgeng wa diphuputso re ka lemoha hore ho na le mananeo a Seafrika hammoho le mananeo a phapanyetsano a thekenoloji a ntshetsang pele ditlhoko tse ikgethang tsa kontinente esita le hona ho fedisa mathata a ho se tsebe ho bala le ho ngola;
Tshebediso ya tsebo le Dikgokahano tsa Thekenoloji e ka sebediswa ho totobatsa le hona ho sebedisa menyetla bakeng sa kgwebo, matsete le ditjhelete;
E ka sebediswa ho theha thuto ka tsela ya ho ithuta o le hole ka tsela ya thomellano esita le mananeo a thuto ya bophelo bo botle e le ho ntlafatsa maemo mekgeng ya bophelo bo botle le thuto;
Tshebediso ya tsebo le Dikgokahano tsa Thekenoloji e ka sebediswa bakeng sa ho fedisa dikgohlano esita le hona ho fedisa malwetse a hlasetseng naha ya rona yohle mme e tla thusa bakeng sa ho hlokomedisa setjhaba e sa le nako esita le ho matlafatsa ka ho laola maemo a sa tsitsang.
Mona Afrika, metheo e fokolang ya disebediswa, leano le fokolang la tshebetso esita le mekgwa ya taolo hammoho le palo e fokolang ya basebetsi, di bakile hore ho be le tshebeletso e sa phethahalang ya fonofono, kgaso, dikhomputa esita le Inthanete. Ekaba palo e ka tlase ho tmoho a le mong ho batho ba 100 ba sebedisang marangrang a mehala mona Afrika. Ditefello tsa ditshebeletso le tsona di phahame: tefello ya ho hokelwa mona Afrika e ka ba bonyane diphesente tse 20 bakeng sa tekanyetso ya kgolo ya tlhahiso ha e bapiswa le palohare eo bonyane e leng diphesente tse 9 e sebediswang lefatsheng ka bophara esita le phesente e le nngwe bakeng sa dinaha tse nang le kuno e phahameng.Naha ya Afrika ha esale e hloleha ho sebedisa monyetla ona wa Tshebediso ya Tsebo le Dikgokahanyo e le sesebediswa bakeng sa ho ntlafatsa bophelo esita le ho etsa hore mesebetsi e metjha e be teng le hona ho theha menyetla ya tshebedisano le dinaha tse ahisaneng mane madibohong a fumanwang kontinenteng esita le mebaraka e akaretsang ka lefatshe lohle e ne e haella. Le hoja dinaha tse ngata mona Afrika di se di qadile, phetolo ya Tshebeletso ena ya Tsebo le Dikgokahanyo, ho fihlella ditshebeletso tsohle, boleng ba tshebetso esita le ditefello ha di so ntlafale.
Merero
Ho eketsa ditshebeletso tsa fonofono habedi e le hore di sebedise mehala e mmedi bakeng sa batho ba 100 ka selemo sa 2005, mme tshebetso ena e le boemong boo e tla sebediswa ke malapa habobebe;
Ho fokotsa ditshenyehelo le hona ho ntshetsa pele mosebetsi o tshepehang;
Ho fihlella boemong bo lokileng bakeng sa dinaha tsohle tsa Afrika;
Ho theha le hona ho hlahisa batjha le baithuti ba bangata ba Tshebeletso ya Tsebo le Dikgokahanyo bao ho bona naha ya Afrika e ka fumanang batho ba tla kwetlisetswa ho ba baenjere ba Tshebeletso ya Tsebo le Dikgokahanyo, bahlophisi ba mananeo le bathehi ba ?software?.
Diketso
Ho sebedisana le baemedi ba lebatowa ba Kopano ya Mehala le Dikgokahanyo Afrika esita le Kgokelo ya Afrika bakeng sa ho etsa leano le tla sebediswa le leano la molao bakeng sa diphetoho tse tla etswa ke ba mehala le dikgokahanyo, tatelano ya maemo a basebetsi esita le bohlahlobi ba tshebetso e phethahetseng;
Ho theha marangrang a ditsha tsa kwetliso le diphuputso bakeng sa tlhahiso ya basebetsi ba hlwahlwa;
Ho ntshetsa pele le ho potlakisa merero e seng e ntse e le teng bakeng sa ho hokela dikolo le ditsha tsa batjha;
Ho sebedisana le ditsha tsa ditjhelete le ntshetsopele mona Afrika, baithaopi ba fapaneng (ba G-8 Dotforce, Lebotho la Tshebetso la Dinaha tse Kopaneng) esita le bafani bakeng sa ho theha mekgwa ya tshehetso ya ditjhelete bakeng sa ho fokotsa mathata a ka nnang a hlaha.
Merero
Eneji e na le bohlokwa bo boholo leanong la ntshetsopele jwalo ka sesebediswa sa ka tlong esita le sesebediswa sa bohlokwa tlhahisong. Thekiso ya eneji e ama theko ya thepa le mesebetsi e meng ka ho otloloha esita le hona ho hlodisana ha barekisi. Ere ka ha matlotlo a mofuta ona a sa arolwa ka ho lekana ka hara kontinente, ho kgothaletswa hore ho fumanwe eneji e ngata empa e theko e tlase e le ho arolela mabatowa a fapaneng ka ho lekana. Ho feta mona, naha ya Afrika e lokela ho leka ho iketsetsa phepelo ya eneji ka tsela ya ho fehlwa ha eneji ke letsatsi (solar) e leng phepelo e seng e fumaneha ya eneji.
Ho eketsa ho tloha ho diphesente tse 10 ho isa ho tse 35o eista le ho feta moo bokgoni ba ho fumana eneji e rekiswang mme e theko e tlase ke baahi ba Afrika ka dilemo tse 20;
Ho ntlafatsa tshebetso le hona ho theola ditefello tsa phepelo ya eneji bakeng sa mesebetsi e fapaneng ya tlhahiso e le ho etsa bonnete ba hore ho ba le kgolo ya moruo ka diphesente tse 6 ka selemo;
Ho fedisa le ho fetola mathata a teng tikolohong tse fapaneng mme e le mathata a amang tshebediso ya mafura ya sekgalekgale e sebediswang haholo dibakeng tsa mapolasi;
Ho sebedisa le ho theha mehlodi ya matla e bakwang ke phepelo ya metsi a dinoka tse fumanehang Afrika;
Ho kopanya marangrang a dithapo tsa phetiso esita le dipeipi tsa kgase e le ho potlakisa phepelo ya matla mane madibohong;
Ho fetola le ho natlafatsa melawana ya tshebediso ya peterole ka hare ho kontinente.
Diketso
Ho theha Foramo ya Afrika bakeng sa Melawana ya Tshebediso esita le hona ho theha mekgatlo ya bolaodi ya mabatowa;
Ho theha sehlopha bakeng sa ho kgothaletsa hore ho be le mekgwa ya kgetho le tshebediso bakeng sa merero ya mabatowa, re kenyeletsa le ho fehlwa ha matla a tswang metsing, marangrang a dithapo tsa phetiso esita le dipeipi tsa kgase;
Ho eketsa boholo ba lenaneo la poloko ya eneji ke ba Setjhaba sa Ntshetsopele sa Afrika Borwa esita le batho bohle ba kontinente.
Merero
Ho fedisa tiehiso ya batho madibohong, tiehiso ya thepa le mesebetsi e meng e itseng;
Ho fokotsa nako ya ho ema boemafofaneng kapa boemakepeng;
Ho ntshetsa pele mesebetsi ya kgwebo le kgwebo ya madibohong ka ho sebedisa tshebetso e ntlafetseng ya dipalangwang;
Ho eketsa palo ya bapalami ba difofane le tshebeletso e hokelang ya difofane ho potoloha ka nqane ho mabatowa a manyenyane a Afrika.
Diketso
Ho theha sehlopha sa tshebetso bakeng sa hlahlobo ya thepa le melata e fallelang ka kwano e le ho ntlafatsa maano a ho tshela le ho hlahloba mangolo a ho tshela madibohong;
Ho theha tshebedisano e ntle pakeng tsa Setjhaba le Mokga wa Poraefete esita le hona ho fana ka tumello b akeng sa ho theha, ho ntshetsa pele le ho baballa boemelakepe le boemelafofane, ditsela, diporo esita le tsamaiso ya thepa ka tshebediso ya mawatle;
Ho ntshetsa pele tshebedisano e ntle pakeng tsa maemo le melawana esita le hona ho hlokomela hore ho be le mekgwa e mengata e fapaneng ya dipalangwang;
Ho theha tshebedisano e ntle pakeng tsa Setjhaba le Mokga wa Poraefete bakeng sa ho arolwa ha tshebeletso kapa indaseteri ena ya difofane esita le hona ho theha taolo ya sephethephethe se tsamayang moyeng.
v Metsi le tsamaiso ya Dikgwerekgwere
Merero
Ho etsa bonnete ba hore ho ba le phepelo ya metsi a hlwekileng esita le tsamaiso ya dikgwerekgwere, haholoholo bakeng sa mafutsana;
Ho etsa moralo esita le ho laola tshebeletso ya metsi e le mohlodi wa letlotlo la tshebedisano ya setjhaba boemong ba naha le mabatowa esita le ho hlokomela hore ho be le tswelopele;
Ho sebetsana le tshwaro e ntle ya mobu, mefuta e fapaneng ya diphedi esita le diphoofolo tse hlaha;
Ho sebedisana ka ho arolelana dinoka le dinaha tse ding tse haufi;
Ho etsa bonnete ba hore ho ba le mokgwa wa nosetso o atlehileng esita le temo e atlehiswang ke metsi a pula e le ho atlehisa tlhahiso ya temo le yona paballo ya dijo.
Diketso
Ho potlakisa mosebetsi mabapi le merero ya metsi, mohlala, diphuputso tsa Bongodi ba Metsi ba Setjhaba sa Ntshetsopele sa Afrika Borwa mabapi le tshebediso ya noka ya Khonko le boithaopo malebana le Noka ya Nile.
Ho theha sehlopha sa tshebetso bakeng sa ho etsa meralo ya ho fedisa ditshitiso tsa maemo Afrika;
Ho thusana le Boithaopo ba Lefatshe ba Tlhwekiso ya Tikoloho e le ho ntshetsa pele mekgwa le merero ya tshebetso ya ho hleka bohlaswa;
Ho tshehetsa lenaneo la Ditjhaba tse Kopaneng malebana le Paballo ya Metsi Ditoropong tse kgolo tsa Afrika.
Boithaopo ba Ntshetsopele ya Basebetsi hammoho le phediso ya ho Lahlehelwa ke Barutehi le Ditsebi ka baka la ho falla i Phokotso ya bofutsana
Merero
Ho ntshetsa pele boetapele ka ho hlokomela hore ntho ya pele ebe ho kgothaletsa hore ho fokotswe bofutsana mananeong ohle esita le Tshebedisano e Ntjha ya Ntshetsopele ya Afrika esita le maano a ntshetsopele ya moruo;
Ho fadimehela phediso ya bofutsana ba basadi;
Ho etsa bonnete ba hore mafutsana a tswela pele ka ho sebedisa mekgwa e bobebe ya phokotso ya bofutsana;
Ho tshehetsa mekutu yohle e ntseng e etswa bakeng sa ho fokotsa bofutsana boemong bo phahameng, jwalo ka Moralo wa Ntshetsopele wa Banka ya Lefatshe esita le Mokgwa wa Phediso ya Bofutsana o amang boithaopo ba ho thusa Dinaha tse nang le melato e phahameng mme di futsanehile.
Diketso
Ho hlokeha hore ho moralo o hlophiswang bakeng sa baithaopi lenaneong lena la tshebetso o hlahlobe sekgahla sa bona sa phokotso ya bofutsana, pele le ka mora tshebediso;
Ho sebedisanwe le Banka ya Lefatshe, Letlole la Matjhaba la Ditjhelete, Banka ya Ntshetsopele ya Afrika, baemedi ba Dinaha tse Kopaneng ho potlakisa le ho amohela Moralo o hlakileng wa Ntshetsopele, Mokgwa wa Phokotso ya Bofutsana esita le mekgwa e meng e amehang;
Ho theha sehlopha se shebaneng le tsa bong e le ho etsa bonnete ba hore dintlha tse ikgethileng malebana le basadi ba futsanehileng di a ntlafatswa moralong ona wa phokotso ya bofutsana wa Tshebedisano e Ntjha ya Mntshetsopele ya Afrika;
ii Ho Fedisa Sekgeo Thutong
Merero
Ho sebetsa hammoho le banyehedi esita le ditsha tse itseng bakeng sa ho etsabonnete ba hore Sepheo sa Matjhaba sa Tswelopele se a fihlellwa malebana le ho fumana thuto ya motheo ka selemo sa dikete tse 2015;
Ho ntlafatsa lenaneo la tswelopele, dintlafatso tsa bohlokwa esita le Tsebeletso ya Tsebo le Dikgokahanyo;
Ho theha menyetla ya ho fumana thuto e mahareng esita le ho eketsa molemo wa yona bakeng sa tswelopele ya Afrika;
Ho ntlafatsa marangrang a ikgethileng a diphuputso le ditsha tsa thuto e phahameng.
Diketso
Ho tadima botjha boithaopo le boikitlaetso ba Mokgatlo wa Dinaha tse Kopaneng wa Thuto, Saense le Meetlo esita le banyehedi ba bang ba matjhaba;
Ho tadima botjha ditshenyehelo tsa dinaha tsa Afrika malebana le thuto esita le ho tswela pele ka tshebetso ya ho theha melawana le maemo bakeng sa ditshenyehelo tsa mmuso malebana le thuto;
Ho theha sehlopha sa tshebetso ho lekola le ho hlahisa ditshisinyo bakeng sa diphuputso tse hlokehang lebatoweng ka leng lebatoweng le leng le le leng la kontinente.
Mathata a sehlooho a thuto mona Afrika ke disebediswa tse fokolang esita le kwetliso e sa phethahalang eo Maafrika a mangata a e fumanang. Maafrika a kwetlisitsweng dinaheng tse ding mona lefatsheng a bontshitse bokgoni ba ona ba ho phehisana ka katleho.
Moralo ona o tshehetsa matlafatso ya tshebetso ya dijunivesithi ho potoloha Afrika yohle esita le ho theha dijunivesithi tse ikgethileng haeba ho hlokeha, ho hlahisa barupelli ba Maafrika. Bohlokwa ba ho theha le ho matlafatsa ditsha tsa thekenoloji bo hlile bo a hatellwa.
iii Ho Fedisa Tahlehelo ya Barutehi le Ditsebi ka baka la ho Falla
Merero
Ho fetola mathata a ho lahlehelwa ke barutehi le ditsebi ka baka la ho falla hore hoo e be katleho e kgolo ya Afrika
Ho theha mekgwa ya ho sebedisa tsebo ya saense le thekenoloji esita le bokgoni ba Maafrika bakeng sa tswelopele ya Afrika.
Diketso
Etsa hore ho be le maemo a lokileng a sepolotiki, botjhaba le kgwebo mme e le maemo a tla kgothaletsa hore mathata a ho touta ha kelello a fele mme ho be le tswelopele ya ho etsa matsete.
Ho bokella dintlha tse lekaneng bakeng sa ho fedisa mathata kelello e sa phomolang e leng ho fumana boholo ba bothata esita le ho kgothaletsa hore ho be le tshebedisano?ya batho ba nang le tsebo naheng ya rona.
Ho theha marangrang a tshebedisano a saense le tekgeniki bakeng sa ho etsa hore tsebo ena ya saense e tshwanele naha eo e leng ya yona ya sethatho le hona ho theha tshebedisano pakeng tsa ba phelang mose ho mawatle le ba phelang naheng ena.
Ho etsa bonnete ba hore tsebo e tiileng ya Mafrika a phelang dinaheng tse tswetseng pele e sebediswa bakeng sa ho phetha merero e lebeletsweng ho latela Tshebedisano ena e Ntjha ya Ntshetsopele ya Afrika.
Merero
Ho matlafatsa mananeo bakeng sa ho hlahisa malwetse a tshwaetsang e le hore a se ke a fokola ho fokotsa mathata a malwetse ana;
Ho ba le leano le matla la bophelo bo botle le fihlellang ditlhoko esita le ho tshehetsa twantsho ya malwetse ka katleho;
Ho etsa bonnete ba hore ho ba le bokgoni ba tshehetso bakeng sa ntshetsopele ya tshebetso e matla ya bophelo bo botle;
Ho ruta batho ba Afrika ho kgona ho ntlafatsa maemo a bona a bophelo bo botle esita le ho ba le thuto ya motheo ka bophelo bo botle;
Ho fedisa mathata a malwetse bathong ba futsanehileng mona Afrika;
Ho kgothaletsa hore ho be le tshebedisano pakeng tsa dingaka tsa sekgowa le tsa setho.
Diketso
Ho matlafatsa seabo sa Afrika mererong ya ho fumana dithethefatsi tse ka fumanehang, ho akaretswa dikhamphani tsa matjhaba tsa meriana le setjhaba sa tswelopele ya matjhaba le hona ho hlahloba tshebediso ya dithethefatsi le phepelo ya tsona;
Ho bokella tsohle tse ka sebediswang bakeng sa ho fedisa malwetse le ho theha tshebetso e tshepehang ya bophelo bo botle;
Ho ba le seabo letsholong la matjhaba la tshehetso ya ditjhelete bakeng sa twantsho ya kokwanahloko e bakang AIDS e leng HIV esita le malwetse a mang a tshwaetsang;
Ho ba le dikamano tse tiileng le baemedi ba bang ba matjhaba jwalo ka Mokgatlo wa Bophelo bo botle wa Lefatshe esita le banyehedi e le ho etsa bonnete ba hore ho ba le tshehetso ya kontinente e phahameng ka bonyane didolara tsa Amerika tse dibilione tse leshome ka selemo;
Ho kgothaletsa dinaha tsa Afrika ho tadima bophelo bo botle e le ntho ya bohlokwa ka ho fetisisa ditekanyetsong tsa bona esita le ho eketsa ditshenyehelo ka tsela e kgotsofatsang bohle;
Ho bokella matlotlo bakeng sa ho eketsa bokgoni e le ho thusa dinaha tsa Afrika ho ntlafatsa metheo ya disebediswa bakeng sa bophelo bo botle le bolaodi bo hlwahlwa.
Afrika ke lehae la malwetse a mang a ikgethileng e leng a hlaha teng feela. Baketheria le dinwamadi tse jalwang ke dikokwanyana, ho falla ha batho esita le mehlodi e meng, di tletse ka lebaka la hobane di rata sebaka sa tikoloho e fokolang esita le maemo a futsanehileng. Tse ding tsa ditshitiso tsa tswelopele ya Afrika ke ho ata ha mahloko a tshwaetsang, mme haholoholo tshwaetso ya HIV e bakang AIDS, lefuba le malaria. Haeba mahloko ana a sa phekolwe, phaello le katleho ya batho e tla ka toro.
Ha re tadima lefapha la bophelo bo botle, re fumana hore naha ya Afrika e a fokola ha e bapiswa le dinaha tse ding tsa lefatshe. Ka 1997 mafu a bana le batjha e ne e ka ba 105 le 169 ho 1000, ha e bapiswa le 6 le 7 ho 1000 ka tatellano dinaheng tse tswetseng pele. Nako e lebeletsweng ya dilemo tsa ho phela ha motho e ka ba dilemo tse 48.9 ha e bapiswa le dilemo tse 77.7 e fumanehang dinaheng tse tswetseng pele. Ke dingaka feela tse 16 tse fumanehang bakeng sa phekolo ya batho ba 100 000 ha e bapiswa le palo ya dingaka tse 253 dinaheng tse tswetseng pele. Bofutsana jwalo ka ha bo totobatswa ke meputso e tlase ke bo bong ba mathata a bakang hore setjhaba se hlolehe ho rarolla mathata a sona.
Phepo e ntle ke e nngwe ya dintho tsa bohlokwa bakeng sa bophelo bo botle. Palohare ya dikhalori e fapana ho tloha ho 2384 dinaheng tsa kuno e tlase ho ya ho 2846 ho dinaha tse kuno e mahareng ho qetella ka 3390 dinaheng tsa Mokgatlo wa Tshebedisano ya Kgwebo le Tswelopele.
Bophelo jwalo ka ha bo hlaloswa ke Mokgatlo wa Bophelo bo botle wa Lefatshe e le mmele le kelello e phetseng hantle, bo eketsa tlhahiso le ho ntshetsa pele kgwebo. Mohlala o totobetseng wa ntlafatso ya bophelo bo botle mesebetsing mme hona ke phokotso ya matsatsi a senyehang ka lebaka la ho kula, keketso ya tlhahiso esita le hona ho fumana monyetla wa ho amohela mesebetsi e lefang meputso e bohalang. Qetellong ntlafatso ena ya bophelo bo botle esita le phepo e nepahetseng di tiisa hore ho be le bophelo bo monate ka lebaka la hobane ho nama ha mahloko ana ho fedisitswe, mafu a masea a fokotsehile mme palo ya dilemo tseo motho a ka di phelang e phahame. Tsena tsohle di amana le phokotso ya bofutsana.
Temo
Bongata ba batho ba Afrika bo phela dibakeng tsa mapolasi. Le ha ho le jwalo, mekgwa ya temo ka kakaretso e a fokola mme ha e na tjhai e lekaneng. Ka lebaka la mathata a mang a ka thoko jwalo ka maemo a lehodimo a sa tshepeheng, ho ba le leeme leanong la kgwebo esita le hona ho fetofetoha ha theko ya thepa e rekiswang, mekgwa ena ya temo e bakile hore ho be le phokolo ya phepelo ya dihlahiswa tsa temo esita le tjhelete e kenang metseng eo ya mapolasi mme hona ho bakile hore ho be le bofutsana.
Tlhoko ya paballo ya tshireletso ya dijo dinaheng tsena tsa Afrika e etsa hore mathata ana a tshebetso e fokolang ya temo e hlophiswe hantle e le hore tjhai ya dijo e tle e ate mme maemo a phepo e ntle a tle a phahame.
Ntlafatso ya tjhai temong ke ntho ya bohlokwa ntshetsopeleng ya kgwebo mon kontinenteng ena. Ho phahama ha theko ya dihlahiswa tsa temo ho tla etsa hore ho be le tlhoko e matla bakeng sa thepa e hlahiswang naheng ya Afrika. Ho ntlafala ha tsena tsohle ho tla baka hore ho be le kgolo e matla ya moruo.
Keketso ya tjhai e lekaneng temong e itshetlehile tabeng ya ho fediswa ha mathata a amang mokga ona. Bothata bo boholo ke maemo a sa tshepahaleng a lehodimo e leng ho etsang hore ho be le hona hore ho ka ba le mathata temong ho latela palo e phahameng ya batho ba batlang ho tsetela kwano. Qetellong mebuso e lokela ho thusa ka hore ho be le thepa ya nosetso le ho hlopha naha e ntle haeba baemedi ba itshebeletsang ba sa rate ho etsa jwalo. Ntlafatso ya metheo e meng ya disebediswa metseng ya mapolasi (ditsela, phepelo ya motlakase, jwalojwalo) le yona ke ntho ya bohlokwa.
Maemo a temo tikolohong a tshwaetsa tlhahiso le tshebetso e ntle ya lekala le itseng la kgwebo. Tshehetso ya setsha ka tsela ya ditsha tsa diphuputso le dithupello, ho fana ka keketso le mesebetsi ya thuso le kgwebisano ya temo di tla tsosolosa tlhahiso ya tswala e bonahalang. Moralo wa bolaodi ba temo o lokela hore le ona o hlokomelwe esita le hona ho kgothaletsa baetapele ba setjhaba se phelang mapolasing esita le ho ba le seabo ha ditjhaba tsena leanong le thahisong ya mesebetsi.
Banyehedi le ditsha tsa temo ha ba ka ba ikgathatsa hakaalo ka ho natsa lekala la temo le ntshetsopele ya mapolasi e leng moo palo e ka etsang diphesente tse 70 ya batho ba futsanehileng mona Afrika ba phelang teng. Ha re tea ka mohlala re fumana hore mosebetsi wa dikadimo wa Banka ya Lefatshe o nehelane ka dinyehelo tsa tjhelete bakeng sa temo tse ka bang diphesente tse 39 ka selemo sa 1978 empa ya boela ya theohela ho diphesente tse 12 ka selemo sa 1996 le ho isa hape ho diphesente tse 7 ka selemo sa 2000. Batho bana bao e leng banyehedi ba lokela ho fetola maemo ana a hlobaetsang a ditaba.
Boithaopo ba Ntshetsopele ya Tikoloho
Ho se ho hlokomelehile hore tikoloho e nang le bophelo bo botle esita le tjhai e lekaneng ke motheo wa Tshebedisano e ntjha ya Ntshetsopele ya Afrika. Ho se ho bile ho hlokomelehile hore ho na le dintlha tse ngata tse ka thusang ho atlehisa tikoloho empa le ha ho le jwalo, tshebedisano ka boithaopo ke ntho e hlokehang bakeng sa ho ntshetsa pele lenaneo le atlehileng la ntshetsopele ya tikoloho. Hona ho tla hloka hore ho etswe kgetho, mme dintlha tse ding tse itseng di hlophiswe ka tatelano bakeng sa boikitlaetso bo tshwanelehang.
Ho boetse ho hlokomelehile hore morero wa motheo wa Boithaopo malebana le tikoloho e loketse ho ba phediso ya bofutsana le ntshetsopele ya moruo wa setjhaba mona Afrika. Ho hlakisitswe hore dikarolong tse ding tsa lefatshe hore boikitlaetso bo etswang ho fihlella tikoloho e atlehileng bo ka ntshetsa pele keketseho ya mesebetsi, tswelopele ya setjhaba le moruo le phokotso ya bofutsana.
Re lokela ho bolela mona hore naha ya Afrika e tla ba le Seboka sa Lefatshe malebana le Tswelopele e tswellang ka kgwedi ya Loetse selemong sa 2002, mme ntshetsopele ya tikoloho e tla ba ona mohlodi wa dipuisano tsa Seboka seo. Mabapi le taba ena re kgothaletsa hore ketsahalo ena e hle e hatelle dipuisano hodima sehlooho sena Tshebedisanong ena e Ntjha ya Ntshetsopele ya Afrika.
Tshebetso ya Boithaopo malebana le tikoloho e labalabela ho tshohla dintlha tse ka bang robedi bakeng sa thuso ya pele:
Ho fedisa boikgethollo kapa ho itshehla thajana. Tshebetso ena ya thuso e reretswe ho thusa lefatshe le senyehileng le ho rarolla mathata a bakileng tshenyeho eo. Mehato e mengata ya mofuta ona e tla ba e thehilweng mesebetsing ho latela lenaneo la ?mananeo a mesebetsi ya setjhaba? mme ka tsela e jwalo e le ho kgothaletsa ntshetsopele ya ditlhoko tsa setjhaba tse malebana le kontinente ena. Mesebetsi ena ya thuso e tla ba yona pulamadiboho bakeng sa tshebetso ya mofuta ona ka nako e tlang tikolohong ena; -
Paballo ya naha e mongobo. Hona ho qosa hore ho sebediswe mekgwa e nepahetseng ya paballo ya naha e mongobo e leng moo matlotlo a setjhaba le boithuti ba lefatshe bo theilweng teng ke lekala la poraefete la matsete tikolohong ena.
Diphedi tse sa tsebisahaleng tsa mekenella. Batho ba sebedisanang ba lokela ho fedisa le ho thibela diphedi tsena tse sa tsebisahaleng tsa mekenella. Tshebedisano tsena tsa mofuta ona di molemo bakeng sa ntlafatso ya naha le tswelopele ya moruo. Mekutu e meholo e amanang le mesebetsi e a fumaneha;
Bolaodi ba mabopo. Bakeng sa ho baballa le ho sebedisa matlotlo a fumanwang mabopong a lewatle ka nepo, ho kgothaletswa hore batho ba sebetse hantle hoo qetellong ho tla ralwa lenaneo le batsi;
Keketseho ya Themperetjhara atmosefereng ya lefatshe: Mosebetsi wa pele e tla ba wa ho lebela le ho laola sephetho sa ho fetoha ha tlelaemete. Ho tla hlokeha hore ho sebetswe ka matla bakeng sa ho nyalanya tsamaiso ya diprojeke tsa mollo.
Paballo ya Madiboho. Ka sehlooho sena ho lekwa ho theha maikutlo a boikitlaetso le ho aha tshebedisano dinaheng tse fapaneng bakeng sa ho ntshetsa pele paballo le bohahlaudi, mme ka tsela e jwalo ebe ho thehwa mesebetsi;
Puso ya Tikoloho. Hona ho ama tshiereletso ya ditokelo tsa molao, moralo, kwetliso le tshebetso e kgabane tse hlakisang tsohle tse seng di boletswe ka hodimo;
Kabo ya Ditjhelete. Ho hlokeha tsela ya tshebetso e ntle mme e tshepahalang bakeng sa ho aba ditjhelete.
Boithaopo bona bo malebana le tikoloho bo na le molemo o ikgethang ka lebaka la hobane merero e mengata e ka qala nakong e kgutshwanyane mme ba fana ka thuto ya bohlokwa malebana le matsete ho latela motheo wa setjhaba le tshebetso ya lefatshe tseo ho tsona ho theilweng Tshebedisano e Ntjha ya Ntshetsopele ya Afrika mme e ka atlehang.
Moetlo
Moetlo ke karolo ya bohlokwa ya mekutu ya tswelopele kontinenteng. Ho a hlokeha hore qetellong re baballe mme re be re sebedise ka nepo tsebo ya rona ya sethatho e totobatsang karolo ya bohlokwa ya moetlo wa kontinente ya rona esita le ho tsebisana taba tsena bakeng sa ntshetsopele ya batho. Leano lena la Tshebedisano e Ntjha ya Ntshetsopele ya Afrika le tla hatella haholo paballo ya tsebo ya sethatho ya setso, e leng tsebo e akaretsang tsela ya ho bala le ho ngola ya setso, bonono le mesebetsi e itseng ya saense, diqatjwa, ditshibollo ka tsela ya saense, meralo, matshwao, mabitso, tsebo e so phatlalatswe esita le diqatjwa tsohle tse theilweng setsong esita le ditshibollo tse hlahiswang ke mesebetsi ya boinahanelo bo matla ba kelello ho tsa indaseteri, saense, dingolwa kapa boiqapelo. Hona ho akaretsa mehlodi ya sethatho hammoho le tsebo e amehang.
Baetapele ba Tshebedisano e Ntjha ya Ntshetsopele ya Afrika ba tla nka mehato ya bohlokwa ho etsa bonnete ba hore tsebo ya setso sa rona mona Afrika e baballwa ke molao o tshwanelehileng. Ba tla ntshetsa pele paballo ya yona maemong a matjhaba ka ho sebedisana le Mokgatlo wa Lefatshe wa Disebediswa tse thusang Monahano.
Metheo ya Saense le Thekenoloji
Merero
Ho thusa ho ntshetsa pele tshebedisano mane madibohong esita le ho aha kopano ka ho sebedisa tsebo e seng e ntse e le teng ditsheng tse teng tsa boipabolo le boitsebelo bo tiileng mona kontinenteng;
Ho ntshetsa pele le ho fetola pokello ya tsebo le bokgoni ba tshekatsheko ya yona e le ho tshehetsa mesebetsi ya tlhahiso le mesebetsi ya thomello ya thepa;
Ho theha boitsebelo bo matla mahlakoreng a tsebo a ntshetsang pele boitsebelo ba thekenoloji ya diphedi esita le tsebo ya mahlale a tlhaho;
Ho utlwisisa le ho fetola thekenoloji e seng e le teng e le ho fapafapanya mekgwa ya tlhahiso ya dihlahiswa.
Diketso
Ho thehwe tshebedisano boemong ba lebatowa mabapi le ntshetsopele ya boleng ba dihlahiswa esita le kabo ya tsona esita le mekgwa ya ditsebiso malebana le tikoloho;
Ho theha marangrang a tshebedisano pakeng tsa ditsha tse fumanehang, haholoholo ka lebaka la tshebediso ya Inthanete, bakeng sa phapanyetsano ka basebetsi le mananeo a kwetliso esita le ho theha maano a ho thusa borasaense ba Maafrika le bafuputsi;
Ho sebedisana le UNESCO, Mokgatlo wa Temo le Dijo esita le mekgatlo e meng ya matjhaba bakeng sa ho sebedisa tsebo ya theenoloji ya diphedi e le ho ntshetsa pele tsebo ya mefuta e fapaneng ya diphedi tsa lefatshe esita le tsebo ya setso ka ho ntlafatsa dihlahiswa tsa temo esita le thepa kapa meriana e rekiswang dikhemising.
Ho eketsa diphuputso tsa mahlale a tsa lefatshe e le ho ntshetsa pele tshebediso ya letlotlo la dimenerale tsa kontinente ya Afrika;
Ho theha le ho ntshetsa pele boenjenere ba boitsebelo ba dihlahiswa le taolo ya boemo bo phahameng bakeng sa ho tshehetsa diphetolo mabapi le etsa dihlahiswa tse itseng.
C. POKELLO YA MATLOTLO
Tshebetso ya Boithaopo ya Tshebediso ya Tjhelete
Bakeng sa ho fihlella palo e lebeletswng ya diphesente tse 7 ka selemo e le pontsho ya kamoo tswelopele le kgolo di bang ka teng bakeng sa ho fihlella moqhaka wa tswelopele o lebeletsweng ke matjhaba - haholoholo moqhaka wa ho fokotsa palo ya Maafrika a phelang ka bofutsana ka halofo selemong sa 2015 - Afrika e lokela ho tlatsa sekgeo sa diphesente tse 12 sa kuno ya selemo mabapi le Kgolo ya Dihlahiswa kapa dibilione tse 64 tsa didolara tsa Amerika. Hona ho tla qosa hore ho be le pokello ya dihlahiswa tsa lehae e bonahalang hammoho le dintlafatso malebana le tsamaiso ya ditjhelete tsa setjhaba. Le ha ho le jwalo, boholo ba matlotlo a hlokehang bo tla lokela ho fumanwa dibakeng tse ka ntle ho kontinente. Tshebedisano e Ntjha ya Ntshetsopele ya Afrika e tobane le ho fokotsa melato le Thuso ya Ntshetsopele ya Dinaha tsa mose e le a mang a matlotlo a ka thoko a hlokehang nakong e kgutshwanyane ho isa e mahareng mme hape e shebana le tshebediso ya tjhelete ya poraefete e le taba e hlokolotsi ya nako e telele tlang. Leano la motheo la Boithaopo malebana le Tshebediso ya Tjhelete ke hore puso e ntlafetseng ke ntho ya bohlokwa bakeng sa tshebediso ya kamehla ya tjhelete mme ka lebaka leo ho ba le seabo Pusong ya Boithaopo ba Kgwebo le Dipolotiki ke motheo wa ho ba le seabo Bothaopong ba Tshebediso ya Tjhelete.
i Ho eketswa ha pokello ya matlotlo a lehae
E le hore naha ya Afrika e tle e hole mme e be e fokotse bofutsana ka nepo, e lokela ho bokella matlotlo a mang hape a tlatsetso e le matlotlo a lehae kapa a dinaha tse ding. Matlotlo a lehae a akaretsa pokello ya dintho tse bokeleditsweng difemeng esita le tse sebediswang malapeng, mme pokello ena e lokela ho eketswa haholo. Ho feta mona, ho lokela ho be le mokgwa o motjha wa ho bokella lekgethoe le ho ntshetsa pele matlotlo a setjhaba esita le hona ho hlophisa botjha ditshenyehelo tsa mmuso. Karolo e kgolo ya pokello ya lehae e a lahleha kgwebong ya Afrika ka lebaka la ho phahama ha maemo a ditjhelete. Hona ho ka fetolwa feela ha dikgwebo tsa Afrika di ka kgahlisa mme tsa hohela baahi ho ntshetsa pele leruo la bona. Ka lebaka lena, ho a hlokeha hore ho thehwe maemo a ntshetsang pele matsetse a mokga wa poraefete a ka etswang ke batsetedi ba lehae le ba dinaha tse ding. Ho feta mona, ho na le matlotlo a mang a ka nna a b okeletswa ka hare ho Afrika mme ka lehlakoreng le leng ho etswa kopo ho dinaha tse tswetseng pele ho etsa tshepiso ho latela Melawana ya Ditjhelete ho tshehetsa moralo ona. Ka ho etsa jwalo ba ke ke ba ama thepa eo ba seng ba ntse ba na le yona. Qetellong re kgothaletsa hore ho thehwe Ditokelo tse Ikgethileng bakeng sa Afrika.
Tshebedisano e Ntjha ya Ntshetsopele ya Afrika e batla ho be le keketso ya nako ya phediso ya melato e fetang maemo a tlwaelehileng mme ho ntse ho lebeletswe hore ho be le ditefello tsa ditshelebeletso tsa melato tse fihlang palong e bonahalang bakeng sa ho tlatsa dikgeo tsa matlotlo. Sepheo sa nako e telele sa Tshebedisano e Ntjha ya Ntshetsopele ya Afrika ke ho amanya phediso ya melato le tse tla fihlellwa ha ho fokotswa bofutsana. Ho sa ntse ho le jwalo, mesebetsi ya phediso ya melato e lokela ho amohelwa e le karolo ya tshebeletso ya ditjhelete le lekgetho dinaheng tsa Thuso ya Tswelopele le dinaheng tseo eseng tsa Thuso ya Tswelopele. E le hore re tsebe ho hlokomela ho ba le seabo ha matlotlo - phediso ya melato hammoho le Thuso ya Tswelopele e hlahang dinaheng tse ka ntle di lokela ho totobatsa seo Afrika e se hlokang mme boetapele ba Tshebedisano e Ntjha ya Ntshetsopele ya Afrika bo tla buisana le ho hlophisa hantle le mebuso ya batsetedi.
Diketso
Baetapele ba mmuso ba Tshebedisano e Ntjha ya Ntshetsopele ya Afrika ba tla batla tumello eo ho buisanweng ka yona hammoho le batho ba matjhaba ho hlahisa tsela ya phediso ya melato bakeng sa dinaha tse nang le seabo Tshebedisanong ena e Ntjha ya Ntshetsopele ya Afrika ho latela maano a seng a boletswe ka hodimo.
Boetapele ba Tshebedisano e Ntjha ya Ntshetsopele ya Afrika bo tla theha foramo eo ho yona dinaha tsa Afrika di tla buisana ka boiphihlelo ba tsona le ho etsa ditlhophiso bakeng sa ho ntlafatsa mekgwa ya phediso ya melato. Ba tla buisana ka tse tla qetela mosebetsi o ntseng o tswella wa ntjhafatso esita le hona ho ba le tokelo ya ho ba le seabo mosebetsing wa ho thusa leanong la Dinaha tse Futsanehileng.
iii Ntjhafatso ya Thuso ya Tswelopele ya Dinaha tsa Mose ho mawatle
Tshebedisano ena e Ntjha ya Ntshetsopele ya Afrika e batla tshebetso e eketsehileng ya Thuso ya Dinaha tsa Matjhaba ka dipuo tse tlwaelehileng esita le mokgwa wa tshebetso wa Thuso ya Dinaha tsa Mose ho mawatle o ntjhafetseng ho etsa bonnete ba hore thuso tsa mofuta ona di amohelelwa hantle ke dinaha tsa Afrika tse lokelang ho di amohela. Tshebedisano e Ntjha ya Ntshetsopele ya Afrika e tla theha foramo ya Thuso la Dinaha tsa Mose ho mawatle bakeng sa dinaha tsa Afrika e le ho theha kutlwano le mohopolo o le mong wa Maafrika mabapi le ntjhafatso ena ya Thuso ya Dinaha tsa Mose ho mawatle esita le ho sebetsa hammoho le Komiti ya Ntshetsopele ya Thuso esita le banyehedi ba bang e le ho hlahisa lengolo boitseko le hlokomelang tswelopele ya dinaha tse sebedisanang hammoho. Lengolo lena le tla totobatsa hore Boithaopo ba Talo ya Kgwebo ke motheo wa ho ntshetsa pele bokgoni ba dinaha tsa Afrika bakeng sa ho sebedisa tshebeletso e ntlafetseng ya thuso ya dinaha tsa mose ho mawatle. Lengolo lena le tla be le kgothaletse hore ho be le mokgwa wa ho hlahloba bakeng sa ho laola boiteko ba banyehedi. Tshebedisano ena e Ntjha ya Ntshetsopele ya Afrika e tla tshehetsa Sehlopha sa Dithuto sa Phediso ya Bofutsana bakeng sa ho sebetsa ka thata mosebetsing ona wa phediso ya bofutsana hammoho le Letlole la Ditjhelete esita le Banka ya Lefatshe.
Diketso
Ho theha lemulwana la Thuso ya Tswelopele ya Mose ho mawatle mabapi le ho ba le maikutlo a tshwanang malebana le phetolo ya Thuso ena ya Tswelopele ya Mose ho mawatle e le karolo e nngwe ya Mokgatlo wa Tshebedisano kgwebong le tswelopele;
Ho ba le seabo ka ho sebedisa lemulwana lena la Thuso ya Tswelopele ya Mose ho mawatle hammoho le baemedi ba banyehedi ho theha lengolo bakeng sa ntshetsopele ya tshebedisano le ho totobatsa maano a boletsweng ka hodimo;
Ho tshehetsa mekutu ya Khomishene ya Kgwebo ya Afrika bakeng sa ho theha Sehlopha sa Baithuti mabapi le Phediso ya Bofutsana;
Ho theha mokgwa o ikgethileng bakeng sa ho hlahloba tshebetso ya naha e nyehelang esita le e amohelang.
iv Tshebediso ya tjhelete ya motho ka mong
Tshebedisano e Ntjha ya Ntshetsopele ya Afrika e rata ho eketsa tshebediso ya tjhelete ya motho ka mong mona Afrika e le karolo ya bohlokwa malebana ya tshebediso ya nako e telele e tla thusa ho kwala dikgeo
Ntlha ya pele eo e leng ya bohlokwa ka ho fetisisa ke ya ho fetola mohopolo wa batsetedi ba Afrika ba hopolang hore naha ena ke naha e ka hlahelwang ke mathata, haholoholo ha re tadima pabalo ya ditokelo tsa thepa, moralo wa melao esita le mebaraka. Ho na le dikarolwana tsa motheo tsa bohlokwa tsa Tshebedisano ena e Ntjha ya Ntshetsoipele ya Afrika tse tla fokotsa tshabo ena hanyenyane hanyenyane mme ho bile ho kenyeletswa le boithaopo malebana le kgotso le paballo, dipolotiki le kgwebo, disebediswa tsa motheo esita le phokotso ya bofutsana. Ho tla ba le tlhophiso ya nakwana bakeng sa thibelo ya menahano ena ya tshabo hammoho le meralo ya netefatso ya mekitlane esita le mekgwa e matla ya molao le taolo. Ntlha ya bobedi ya bohlokwa e tla ba lenaneo la tshebedisano ya Setjhaba le Mokga wa Poraefete mme e le lenaneo le ahang bokgoni ka tshehetso ya Banka ya Ntshetsopele ya Afrika esita le dibanka tse ding tsa lebatowa e le ho thusa mebuso ya setjhaba le mebuso e menyenyane ya setjhaba mabapi le ho bopa le ho laola tshebedisano bakeng sa phumantsho ya disebediswa tsa motheo esita le mesebetsi e meng ya setjhaba. Ntlha ya boraro ya bohlokwa e tla ba ho ntshetsa pele mebaraka ya ditjhelete ka hare ho dinaha esita le ho theha kgotso mane madibohong le yona tshebedisano ya kopanelo ka thuso ya Sehlopha sa Tshebetso sa Mebaraka ya Tjhelete. Ho tloha sethathong hona ho tla hle ho shebane le taolo ya tshebediso ya tjhelete.
Diketso
Theha sehlopha sa tshebetso bakeng sa ho hlahloba melawana e amanang le ho tsetela tjhelete ka sepheo sa ho leka ho fokotsa bofutsana le ho theha kgotso mona Afrika;
Ho hlahloba ditlhoko le ho ithuta ka tshebetso ya tjhelete malebana le ho etsa kgwebo mona Afrika;
Ho theha maikutlo a boithaopo mabapi le ho ntlafatsa bokgoni ba dinaha tse ding ho amohela tshebedisano kapa kamano pakeng tsa Setjhaba le mokga wa poraefete.
Ho theha Sehlopha sa Tshebetso sa Mebaraka ya Tjhelete se tla potlakisa kamano ya mebaraka ya tjhelete ka ho theha moralo wa molao le taolo le hona ho theha boemo bo le bong ba kgwebo ka hare ho Afrika.
Taba eo le yona e ntseng e le ya bohlokwa, haholoholo ha re tadima nako e kgutshwanyane e tlang ho isa e mahareng ke keketso ya Thuso ya Tswelopele ya Mose ho mawatle esita le phokotso ya melato kapa dikoloto. Thuso ya Tswelopele ya Mose ho mawatle e a hlokeha e le ho thusa dinaha tse sa tswelang pele haholo hore di kgone ho fihlella tse lebeletsweng ho tsona boemong ba matjhaba, haholoholo ha re sheba lehlakore la thuto ya motheo, phediso ya malwetse le bofutsana. Phokotso e nngwe hape ya melato le yona ke ya bohlokwa. Boithaopo bo phahameng ba Dinaha tse futsanehileng ke melato bo ntse bo bakela dinaha tse ngata tseo di di laolang melato e boima mme ke ka lona lebaka lena ho lokelang hore ho tshehetswe ka matlotlo letsholo lena la phokotso ya bofutsana. Ho feta mona, ho ntse ho na le dinaha tse sa kenyeletswang Boithaopong bona ba Dinaha tse futsanehileng ke melato mme e le dinaha tse hlokang phediso ya melato e le ho fumana matlotlo a ho fedisa bofutsana.
Tshebetso ya Boithaopo malebana le Tshebeletso ya Mebaraka i Ho fapana ha Dihlahiswa
Dikgwebo tsa Afrika di batla di thekesela di fokola ka lebaka la ho itshetleha ka tlhahiso le mekga ya matlotlo a itseng le thomello ya yona e fokolang. Ho hlokeha haholo hore hore ho fetofetolwe dihlahiswa mme moralo wa pele ke ho sebedisa dihlahiswa tsa tlhaho tsa Afrika. Ho lokela hore ho kgothaletswe temo le bohlokwa ba dimenerale mme ho thehwe mokga wa thepa e rekiswang ka ho latela mokgwa ona oo wa ho fetola kgwebo ka ho sebedisa thepa e fumanehang hona naheng ena. Ho lokela hore ho tshehetswe dikgwebo tsa poraefete hammoho le dikgweb o tse nyenyane esita le tse mahareng mokgeng wa tlhahiso e leng metheo ya bohlokwa ya kgolo le tswelopele. Mmuso o lokela ho fedisa ditshitiso tshebetsong ya kgwebo mme o kgothaletse dikgwebo tsa boiqapelo tsa borakwebo ba Maafrika.
Merero
Ho ntshetsa pele bokgoni ba tlhahiso temong mme ho ntse ho hlokomelwa ka ho ikgetha boramapolasi ba fokolang esita le bannga ba mapolasi ba basadi;
Ho hlokomela hore ho be le dijo bakeng sa batho bohle le hona ho etsa hore mafutsana a be le hona ho fumantshwa dijo tse lekaneng esita le phepo e ntle;
Ho thibela tshenyeho ya dibehwa tsa tlhaho esita le hona ho kgothaletsa hore ho be le mekgwa ya tlhahiso e ntlafetseng e amang tlhabollo ya tikoloho;
Ho fa mafutsana a phelang mapolasing monyetla wa ho ba le seabo kgwebong ya mebaraka esita le hona ho ba fa tokelo ya ho ba le seabo mebarakeng e romellang thepa dinaheng tse ding;
Ho ntshetsa Afrika pele hore e qetelle e le naha e hlwahlwa thomellong ya dihlahiswa tsa temo;
Ho ba setho se hlwahlwa ntshetsopeleng ya saense ya temo le thekenoloji.
Diketso
Boemong ba Afrika
Eketsa paballo ya phepelo ya metsi bakeng sa temo ka ho theha mekgwa e bobebe ya ho nosetsa, ho tjhorisa bolaodi ba lehae ba metsi esita le ho ntshetsa pele phano ya tsebo esita le tsebo ya thekeniki hammoho le ditjhaba tsa matjhaba;
Ho ntlafatsa paballo ya tshebetso e ntle ya mobu ka ho sebedisa mekgwa ya sekgalekgale esita le ya sejwalejwale esita le hona ho ntshetsa pele tlhabollo ya mobu;
Ho hatella hore ho be le paballo ya dijo boemong ba mabatowa a manyenyane, boemong ba naha esita le malapeng ka ho sebedisa ntshetsopele le taolo ya tlhahiso e eketsehileng, dipalangwang, poloko le thekiso ya peo ya dijo tse lengwang, mehlape esita le dihlapi. Ho lokela hore ho hlokomelwe ka ho ikgetha ditlhoko tsa mafutsana esita le hona ho fumana mekgwa e potlakileng e ka sebediswang ho laola komello esita le tlhahiso ya dijalo;
Ho eketsa mekgwa ya ntshetsopele ya temo le tshehetso ya ditjhelete esita le ho ntlafatsa maemo a tshebetso a bannga ba mapolasi ba basadi;
Ho fokotsa tshekamelo ya thekiso metseng ya ditoropo mona Afrika ka ho fetolela matlotlo hore a tswe metseng ya ditoropo ho leba mapolasing.
Boemong ba matjhaba
Ho theha tshebedisano e ntjha e le ho fedisa ho nyahama ha banyehedi bakeng sa merero ya temo e ikgethileng ya boemo bo phahameng;
Dinaha tse tswelang pele di lokela ho thusa Afrika ho ntshetsa pele le ho hodisa mesebetsi ya diphuputso le bokgoni ba tswelopele temong;
Ho ntshetsa pele kgonahalo ya ho fihlela dijo le dihlahiswa tsa temo tsa naha ya Afrika, haholoholo dihlahiswa tsa temo tse seng di sebeditswe hore di amohelwe mebarakeng ya matjhaba ka ho ntlafatsa boleng bo tshwanelwang ke mebaraka eo;
Ho tshehetsa tshebedisano ya Afrika le dinaha tse ding tse ka ntle mererong ya thekenoloji ya temo esita le boitsebelo ka kakaretso, mesebetsi ya keketso esita le disebediswa tsa motheo;
Ho tshehetsa leano la diphuputso mererong ya dijalo tse tsebahalang esita le mekgwa e tshwanelehang ya paballo le poloko;
Ho tshehetsa kaho ya bokgoni ba ho ba le dipuisano tsa kgwebo boemong ba naha le lebatowa hammoho le tlhwekiso ya dijo esita le melawana e meng ya kgwebo ya temo.
Merero
Ho ntlafatsa boleng ba tsebo malebana le matlotlo a dimenerale;
Ho theha moralo wa melao e thusang bakeng sa tswelopele ya mokga wa merafo;
Ho sibolla tshebetso e hlwahlwa e ka thusang ho etsa bonnete ba hore ho rashwa matlotlo a tlhaho esita le dimenerale tsa boemo bo phahameng.
Diketso
Boemong ba Afrika
Ho amanya maano le melawana e le ho etsa bonnete ba hore ho ba le mekgwa e tshwanelehang ya tshebetso;
Ho amanya boikitlaetso le mekutu e ka etswang ho etsa bonnete ba hore ho fokotswa ya menyetla ya tahlehelo e ka bang teng mona Afrika;
Ho amanya mehlodi ya tsebo mabapi le menyetla ya kgwebo bakeng sa ho tsetela;
Ho eketsa menyetla ya tshebedisano bakeng sa ho tsebisana le ho ntlafatsa boleng ba matlotlo a tlhaho;
Ho hatella hore ho be le maano a kgothaletso ya ntlafatso ya boleng bakeng sa ho tsetela mererong ya merafo ya Afrika;
Ho theha Sekolo sa Tshebetso ya Merafo ya Afrika (bakeng sa ntshetsopele le tlhahiso ya thuto, mesebetsi e itseng le kwetliso maemong ohle). Hona ho ka fihlellwa ka tsela ya tshebedisano pakeng tsa dikolo tse seng di ntse di le teng.
Merero
Ho eketsa tlhahiso, ho kgothaletsa ditlhodisano le phetolo ya mokga wa poraefete wa lehae, haholoholo kwebo e kgolo ya temo, merafong le mekgeng e menyenyane ya tlhahiso e nang le bokgoni ba ho romella thepa ka ntle le ho theha mesebetsi;
Ho theha mekgatlo boemong ba naha dinaheng tsa Afrika;
Ho amanya meralo ya botekgeniki ya dinaha tsa Afrika.
Diketso
Boemong ba Afrika
Ho theha diindaseteri tse ntjha kapa hona ho hlabolla tse seng di ntse di le teng, e leng moo dinaha tsa Afrika di nang le menyetla e bonahalang e kenyeletsang diindaseteri tse theilweng temong, matla le diindaseteri tse sebetsanang le matlotlo a dimenerale;
Ho ba setho se tshwanelehang sa mekgatlo ya matjhaba. Botho ba matla ba Afrika bo tla e fa monyetla o tiileng wa ho ba le puo mekgatlong ena esita le hona ho etsa hore indaseteri ya Afrika e be le seabo se tiileng ntshetsopeleng ya maemo a matjhaba Botho bona bo tla qetella ka phetolo ya tokelo ya kgatiso ya maemo a matjhaba ho ya mekgatlong ya naha;
Ho theha ditsha tsa setjhaba tsa tekanyo e le ho etsa bonnete ba hore ho ba le tshebedisano le tshebetso ya ditekanyo ya matjhaba. Mesebetsi ya mofuta oo e dula e le boikarabelo ba mmuso;
Ho etsa bonnete ba hore dilaboratori tsa ho etsetsa diteko le mekgatlo ya disetifikeiti di thusa melawana ya setjhaba ya tekgeniki. Mekgatlo e jwalo e lokela ho thehwa ka pele moo e leng siyo;
Ho theha dibaka tsa disebediswa tsa motheo jwalo ka Mokgatlo wa Matjhaba wa Tshupo ya Maemo o amohelwang dinaheng tsohle tsa matjhaba. Ditsha tsena tsa bohlokwa tsa tsepamiso ya maemo di ka ba boemong ba naha moo indaseteri e leng matla empa haeba ho se jwalo di ka ba mabatoweng. Ho lokela hore ho be le tshehetso e tshwanelehang ya ditjhelete ho etsa bonnete ba hore ditho tsa mekgatlo ya matjhaba tse kang Lemulwana la Kananelo la Matjhaba le Khomishene ya Matjhaba ya Botekgeniki ba Eleketeroniki;
Ho kgothaletsa kananelo ya diteko le diphetho tsa disetifikeiti le ba dikgwebo tse kgolo tsa Afrika. Ka kakaretso hona ho ka ba bobebe feela ha haeba moralo wa maemo, melawana ya botekgeniki, tekanyo, le kananelo di le teng mme di ka sebediswa ho ikamahanya le ditshwanelo tsa matjhaba.
Boemong ba matjhaba:
Ho potlakisa hore ho be le tshebedisano ka tsela ya ntshetsopele ya mekgwa, jwalo ka makgotla a kopaneng a kgwebo, bakeng sa phetiso ya tsebo pakeng tsa difeme tseo eseng tsa Maafrika le tsa Maafrika le hona ho sebeletsa ho theha ditshebeletso tsa kopanelo le tsa ho theha dikonteraka tse nyenyane.
Ho thusa ho matlafatsa ditsha tsa kwetliso tsa Afrika bakeng sa ntshetsopele ya indaseteri, haholoholo malebana le ho ntshetsa pele tshebedisano pakeng tsa ba sebedisanang ba matjhaba;
Ho ntshetsa pele phetisetso ya tshebediso ya thekenoloji e ntjha le e tshwanelahng ho dinaha tsa Afrika;
Ho ntshetsa pele le ho amohela moralo o motle wa tshebetso bakeng sa melawana ya botekgeniki e ikamahanyang le dipehelo tsa Tumellano ya Mokgatlo wa Kgwebo wa Lefatshe ho Ditshitiso tsa Setekgeniki tsa Kgwebo esita le ditlhoko tsa Afrika. Meralo ya melawana ya setekgeniki ya dinaha tse tswetseng pele e ka nna ya ba le mathata bakeng sa dinaha tsa Afrika;
Ho theha Biro ya Maemo e tla fa indaseteri le mmuso tsebo e hlokehang malebana le maemo a matjhaba, mabatowa le naha mme ka tsela e jwalo ya ntshetsa mmaraka pele. Ditsha tsena di lokela ho hokelwa ho ditsha tsa ditsebiso tsa matjhaba, mabatowa le naha e le hore ditsha tsa naha di tle di tsebe ho sebetsa jwalo ka Mekgatlo ya Kgwebo ya Lefatshe ya Dintlha tsa Dipatlisiso;
Ho etsa bonnete ba hore ho thehwa mekgatlo ya maemo a mabatowa le naha ka ho theha dikomiti tse tshwanelehang tsa setekgeniki tse emelang ba nang le seabo dinaheng tse fapaneng esita le ho laola dikomiti tseo ka ho latela Mokgatlo wa Matjhaba wa Maemo le Bolaodi ba Khomishene ya Matjhaba ya Botekgeniki ba Eleketeroniki esita le dipehelo tsa tumellano ya Mokgatlo wa Matjhaba wa Kgwebo.
Merero
Ho lemoha merero ya motheo boemong ba naha le ba mabatowa a manyenyane e leng merero e tla phahamisa tlhahiso esita le hona ho thusa ho ntshetsa pele kamano ya kgwebo ya mabatowa a tikoloho e le nngwe;
Ho theha tsela e ikgethang ya kgwebo boemong ba lebatowa;
Ho theha boemo ba diphuputso bohahlahuding;
Ho ntshetsa pele setswalle le tshebedisano jwalo ka tshebedisano e theilweng ho latela mekgatlo ya mabatowa a manyenyane. Mehlala e akaretsa Mokgatlo wa Bohahlaudi ba Lebatowa wa Afrika e ka Borwa, Setjhaba sa ntshetsopele ya Kgwebo sa Dinaha tsa Afrika Bophirimela esita le Setjhaba sa Ntshetsopele ya Afrika Borwa.
Diketso
Boemong ba Afrika
Ho kgothaletsa hore ho be le tshebedisano ho fihlella melemo ya tsebo ka kopanelo, esita le ho etsa motheo wa dinaha tse ding bakeng sa ho ikakgela ka setotswana mererong e malebana le bohahlaudi;
Ho fa batho ba Afrika tokelo ya ho ba le seabo ka botlalo mabapi le merero ya bohahlahudi boemong ba setjhaba;
Ho kgetha dintlha tsa bohlokwa malebana le paballo le poloko ya tse amang bareki;
Ho bapatsa dihlahiswa tsa bohahlahudi ba Afrika, haholoholo bohahlaudi ba tshibollo, bohahlahudi ba tsebo ya lefatshe esita le bohahlaudi ba meetlo;
Ho eketsa tshebedisano ya lebatowa ya baithaopi ba bohahlaudi ba Afrika bakeng sa kgolo le keketso ya dihlahiswa tse fapaneng;
Ho ntshetsa pele melemo ya rona jwalo ka ha e tswa ditlhokong tsa bihahlahudi ka ho theha matsholo a ikgethileng a lebaneng le bareki.
v Ditshebeletso
Ditshebeletso di ka theha menyetla ya bohlokwa ya tshebetso bakeng sa dinaha tsa Afrika mme ka ho qolleha re bua ka dinaha tse ipabolang mererong ya Thekenoloji ya Ditsebiso le Dikgokahanyo.
vi Ntshetsopele ya mokga wa poraefete
Merero
Ho etsa bonnete ba hore ho ba le maemo a lokileng bakeng sa mesebetsi ya mokga wa poraefete mme re hatella barekisi ba lehae;
Ho ntshetsa pele mesebetsi ya ho tsetela le kgwebo mme re hatella haholo thepa e romellwang ka ntle;
Ho theha mesebetsi e menyenyane le e mahareng mme re kenyeletsa le mokga o sa behelwang melao.
Diketso
Boemong ba Afrika
Ho nka mehato ya ho ntshetsa pele thekiso, bolaodi le bokgoni ba setekgeniki ba mokga wa poraefete ka ho tshehetsa phumantsho ya thekenoloji, ntshetsopele ya tlhahiso, kwetliso le ntshetsopele ya mesebetsi;
Ho matlafatsa mafapha a bohwebi, kgwebo le mekgatlo ya seporofeshenale esita le tshebedisano ya ona ya lebatowa;
Hlophisa ditherisano pakeng tsa mmuso le mokga wa poraefete bakeng sa ho theha tjhebelopele e tshwanang le mekgwa ya ntshetsopele ya kgwebo le ho fedisa ditshitiso tsa ntshetsopele ya mokga wa poraefete;
Ho matlafatsa le ho kgothaletsa diindaseteri tse nyenyane esita le tse bohareng ka tshehetso e tshwanelehang ya setekgeniki ho tloha ho ditsha tsa mesebetsi le setjha sa tswelopele esita le ho ntshetsa pele tokelo ya ho fumana tjhelete ka ho matlafatsa mehato e menyenyane ya tshehetso ya ditjhelete le ho kgothaletsa barekisi ba basadi.
Boemong ba matjhaba:
Ho ntshetsa pele mananeo a tswelopele ya barekisi bakeng sa ho kwetlisa balaodi ba difeme tsa Afrika;
Ho fana ka tshehetso ya setekgeniki mabapi le ntshetsopele ya tikoloho ya bolaodi, ntshetsopele ya dikgwebo tse nyenyane le tse mahareng le ho theha mehato ya tshehetso ya ditjhelete bakeng sa mokgwa wa poraefete wa Afrika.
vii Ntshetsopele ya thomello ya dihlahiswa tsa Afrika
Merero
Ho ntshetsa pele mesebetsi ya poeletso ya tjhelete ya lekgetho;
Ho lwantsha ditshitiso tsa kgwebo mesebetsing ya kgwebo ya matjhaba ka ho ntshetsa pele maemo;
Ho eketsa tshebedisano mabapi le kgwebisano ya mabatowa ka ho ntshetsa pele tshebedisano ya madiboho ya difeme tsa Afrika;
Ho ntlafatsa setshwantsho se fosahetseng sa Afrika ka ho rarolla diqabang le dipapatso;
Ho sebetsana le kgaello ya mesebetsi e itseng ya nako e kgutswanyane ka dikgothaletso le ka kwetliso.
Diketso
Boemong ba Afrika
Ho ntshetsa pele tshebedisano ya kgwebo ka hara Afrika ka sepheo sa ho totobatsa hore Afrika ke lehae la dihlahiswa tse neng di romelwa dikarolong tse ding tsa lefatshe;
Ho theha mekgwa ya papatso le ditsha tsa papatso bakeng sa ho bapatsa dihlahiswa tsa Afrika;
Ho phatlalatsa dikhamphani tsa thomello ho ya dineheng tse ding le ho amohela dihlahiswa ho tswa dinaheng tse ding ka tsela ya kgwebo;
Ho theola theko ya kgwebisano le mesebetsi e meng;
Ho ntshetsa pele le ho ntlafatsa ditumellano tsa kgwebo ya lebatowa, ho hatella hore ho be le tokoloho ya kgwebisano ya mabatowa, ho amanya melao ya sethatho, ditefo le boleng ba dihlahiswa;
Ho theola lekgetho la thepa e tswang dinaheng tse ding.
Boemong ba matjhaba
Ho buisana ka ditumellano tsa ho potlakisa tumello ya papatso ya dihlahiswa tsa Afrika mmarakeng wa lefatshe;
Ho kgothaletsa matsete a tswang dinaheng tse ding;
Ho thusa ho ntsheta pele bokgoni bo phethahetseng ka hara mokga wa poraefete esita le hona ho matlafatsa bokgoni ba naha le lebatowa le lenyenyane dipuisanong tsa kgwebo, tshebedisong ya melao le melawana ya Mokgatlo wa Matjhaba wa Kgwebo, le ho lemoha le ho sebedisa menyetla e metjha ya kgwebo e hlahang tshebedisanong ya kgwebisano;
Dihlooho tsa mmuso tsa Afrika di lokela ho etsa bonnete ba ho ba le seabo se tiileng tshebeletsong ya kgwebo e laolwang le ho okamelwa ke Mokgatlo wa Matjhaba wa Kgwebo ho tloha selemong sa 1995. Ha ho se ho qadilwe ka dipuisano tsa kgwebo e lokela ho ananela le ho hlokomela ditabatabelo tsa kontinente ya Afrika, le ditlhoko mabapi le melao ya bokamoso ya Mokgatlo wa Matjhaba wa Kgwebo.
Ho ba le seabo tshebeletsong ya kgweb o ya lefatshe ho lokela ho ntshetsa pele;
Tokelo e lokolohileng, e seng e ntse e tsebahala mme e fumanehang dibakeng tse fapaneng bakeng sa ho ba le tokelo mmarakeng wa thepa e romellwang ho tswa Afrika;
Ho theha lemulwana leo ho lona dinaha tse ntseng di hola di ka kopanang hammoho ho hlahisa ditlhoko tsa tsona bakeng sa ntlafatso ya dinaha tse tswetseng pele diindaseteringtseo ho nang le menyetla e seng e ntse e le teng lefatsheng la tswelopele;
Thuso ya setekgeniki le tshehetso bakeng sa ho matlafatsa bokgoni ba ditsha tsa mebuso ya Afrika bakeng sa ho sebedisa Mokgatlo wa Matjhaba wa Kgwebo le hona ho ba le seabo dipuisanong tse malebana le kgwebo.
Mabapi le tshehetso e matla ya Mokgatlo wa Matjhaba wa Kgwebo, dihlooho tsa mebuso ya Afrika di lokela ho lemoha moo ho lokelang ho tshehetswe teng mme ho matlafatswe seabo sa kgwebo ntshetsopeleng ya kontinente. Dintlha tsena tsa bohlokwa tsa tshebetso di akaretsa:
Temoho ya tshebetso ya thomello ya thepa e yang dinaheng tse ding mo ho nang le ditshitiso tse itseng;
Phetolo ya tlhahiso le thomello ya dihlahiswa dikarolong tse hlokang bokgoni le makgabane mme re ntse re sa leb ale hore ho hlokeha hore ho fihlellwe maemo a phahameng haholo a tlhahiso;
Hlahlobo ya tokoloho ya tlhahiso ha re tadima mekga e fokolang le dikgaello tsa yona ha e bapiswa le mekga e nang le tshebetso e atlehileng ka bokgoni bo phahameng ba kwebo le kgolo;
Tshebetso e ntjhafaditsweng ya sepolotiki ke dinaha tsa Afrika ho matlafatsa le ho ntlafatsa boiteko ba boithaopo mona kontinenteng. Mabapi le sena, ho lokela hore ho tadingwe: . Tsela ya kgwebo e hlokehang bakeng sa kgwebo ka hara Afrika; . Ho latela maano a lehae a kgwebo ya lebatowa e le ho eketsa bokgoni ba kgwebisano e hlokehang bakeng sa kgwebo ya mab atowa.
Dihlooho tsa Mmuso di lokela ho: . Baballa le tsitsisa tshwaro e ntle ke dinaha tse tswetseng pele tsa setswalle, mohlala: Tshebetso e akaretsang ya ditabatabelo, Tumellano ya Khotonou, ?Eseng letho empa dihlomo? esita le Molao wa Kgolo le Menyetla Afrika; . Ho etsa bonnet ba hore tokoloho ya phapanyetsano ha e fedise diphaello tsa ditlhophiso tsena; . Ho lemoha le ho sebetsana le dikgaello mabapi le ho etsa le tshebediso.
viii Ho fediswa ha ditshitiso tse se nang ditekanyetso tsa tefo
Baetapele ba Afrika ba dumela hore ntlafatso ya ho ba le monyetla wa ho sebedisa mmaraka wa dinaha tse tswetseng pele ka indaseteri mabapi le dihlahiswa tseo Afrika e leng motlotlo ka tsona, ke ntho ya bohlokwa. Le hoja ho bile le dintlafatso ho latela ditefello tse tlase ka dilemo tse fetileng, ho ntse ho na le mekgelo e totobetseng mabapi le ditefello le hoja ditshitiso tse sa ameng ditefo tsona di baka mathata a maholo. Tswelopele ya tlhahiso ena e tla hodisa tswelopele ya moruo le ho fetolwa ha tlhahiso ya Afrika le tse romellwang dineaheng tse ding. Ho itshetleha ka Thuso ya ntshetsopele e hlahang dinaheng tsa mose ho mawatle e tla fokotseha mme merero ya disebediswa tsa motheo e tla eketseha ka lebaka la mesebetsi ya kgwebo.
VI. TSHEBEDISANO E NTJHA E AKARETSANG LEFATSHENG LOHLE
Afrika e hlokomela diketso tse hlokang toka tse ileng tsa etsahala mengwahaketekgolong e fetileng mme e batla ho di lokisa. Mosebetsi wa bohlokwa wa tshebedisano ena e ntjha ke ho sebetsa hammoho ho ntlafatsa maemo a bophelo a batho ba Afrika ka potlako ka moo ho ka kgonehang ka teng. Ka lebaka lena ho na le kopanelo ho tsohle tse lokelang ho etswa le tse molemo tse tla fumanwa bakeng sa Afrika le dinaha tseo e sebedisanang le tsona.
Diphetoho tsena tsa thekenoloji tsa tshebetso ya lefatshe di batla keketseho ya mehlodi ya matlotlo, ho hola ha mebaraka, ditshibollo tse ntjha tsa saense, mesebetsi ya kopanelo ya mahlale a motho ka mong esita le taolo e nepahetseng ya tlhokomelo ya mobu. Re a hlokomela hore tse dimenerale tse ngata tsa Afrika esita le dintho tse itseng ke matlotlo a bohlokwa a tsheheditseng tlhahiso dinaheng tse tswetseng pele.
Ka hodima mohlodi ona wa bohlokwa wa matlotlo, Afrika e thusa ka mmaraka o ntseng o hodileng o bileng o ntseng o hola bakeng sa bahlahisi ba fapaneng ka lefatshe lohle. Naha e ntseng e tswela pele ya Afrika ka lebaka la basebetsi ba yona ba nang le boitsebelo mme ba ntseng ba eketseha ba ka theha mmaraka o ntseng o hola bakeng sa dihlahiswa tsa lefatshe, thepa le mesebetsi e mahareng.
Ka lehlakore le leng, Afrika e fana ka monyetla bakeng sa ho tsetela. Tshebedisano ena e Ntjha ya Ntshetsopele ya Afrika e theha menyetla bakeng sa mekutu ya matjhaba mabapi le nshetsopele ya disebediswa tsa motheo, haholoholo Thekenoloji ya Ditsebiso le Dikgokahanyo esita le thomello ka dipalangwang.
Afrika e bile e fana ka tshepo bakeng sa bokamoso sa tshebedisano pakeng tsa mokga wa setjhaba le mokga wa poraefete tshebetsong ya diindaseteri tsa temo, bohahlahudi, ntshetsopele ya basebetsi le hona ho sebetsana le diphephetso tsa tlhabollo ya metse ya ditoropo le tswelopele ya metse ya mapolasi.
Ho feta mona, mekga e mmedi ya bophelo e fumanwang Afrika - ho kenyeletswa le bokgabo bo tsotehang ba naha ka dipalesa le meru - ke letlotlo la bohlokwa la ho thibela tshenyeho ya tikoloho e bakwang ke kgoholeho ya karolo e ka hodimo ya mobu esita le ho fetoha ha motjheso le mohatsela esita le tshilafatso ya moya le metsi ka lebaka la tshebetso ya diindaseteri le dintho tse kotsi tse ka hlahiswang.
Ho hola ha menyetla ya thuto esita le menyetla e meng ya Afrika ho ka eketsa seabo sa Afrika bakeng sa saense ya lefatshe, thekenoloji le meetlo e le ho tlisetsa motho ka mong molemo o itseng. Ha re tadimisisa re fumana hore saense ena ya sejwalejwale e hlile e paka hore Afrika ke mohlodi wa botho. Masalla a masapo a batho, dintho tseo ba neng ba di etsa, mesebetsi ya boiqapelo esita le tseo batho ba fapaneng ba neng ba di hlahisa di ne di fumanwa ka bophara ba Afrika mme e le thepa e totobatsang ho hlaha ha motho wa kgale e leng Homo sapiens esita le ho ata ha batho.
E le ho hlabolla boitsebahatso le boitshepo ba batho ba Afrika, ho a hlokeha hore sena se utlwisiswe ke Maafrika ka bobona. Ka yona tsela e jwalo, boemo ba Afrika jwalo ka sebaka seo batho ba hlahetseng ho sona, bo lokela ho ananelwa ke lefatshe lohle e le qaleho ya baahi bohle ba Afrika.
Meetlo e tsebahalang ya Afrika nakong tse fetileng e totobatswa ke dintho tse entsweng tsa mehleng ya kgale, dingolwa tsa yona, kutlwisiso ya bophelo, bonono le mmino. Tsena di lokela ho sebetsa e le mokgwa wa ho thoholetsa motlotlo wa Maafrika bothong ba bona le ho amoela ho tshwana ho teng pakeng tsa batho bohle ba lefatshe.
Tshebedisano e Ntjha ya Ntshetsopele ya Afrika e na le metjha e holang ya demokerasi, esita le ho hola ho bonahalang ha tlwaelo ya ditokelo tsa botho jwalo ka o mong wa metheo ya yona. Afrika e dumelang ho demokerasi e tla ba e nngwe ya ditshiya tsa demokerasi ya lefatshe, ditokelo tsa botho esita le kamohelo. Matlotlo a lefatshe ao ha jwale a sebediswang bakeng sa ho rarolla mathata a ditjhaba tsa lehae a ka lokoloha bakeng sa ho tlisa melemo e bonahalang.
Phetoho ya boithaopo ba mofuta ona, e leng ho wa ha dinaha tse ngata tsa Afrika, ho baka mathata eseng feela ho Maafrika empa ho kgotso e renang ka lefatshe lohle esita le polokeho. Bakeng sa dinaha tse nang le diindaseteri, tswelopele ya Afrika e tla fokotsa maemo a teng lefatsheng a ho qhelelwa thoko ha setjhaba mme a hlophise bokgoni bo boholo ba hore ho ka ba le ho hloka botsitso ka hara setjhaba.
Afrika e ikemiseditse ho ntshetsa pele le ho matlafatsa dikamano le tshebedisano pakeng tsa dinaha tsohle tse ka Borwa.
Ho thehwa ha tshebedisano pakeng tsa dinaha tse tswetseng pele ka diindaseteri le mekgatlo ya ditlhophiso
Ntlha ya bohlokwa e amang Maafrika a ikemiseditseng ho ntshetsa pele kontinente ke hore ho hlokeha hore ho buisanwe ka tshebedisano le dinaha tse ding tse tswetseng pele. Mokgwa oo thuso ena ya tswelopele e hlahiswang ka ona o baka mathat bakeng sa dinaha tse ntseng di hola ho tswela pele. Tlhokeho ya ho buisana le hlahisa boikarabelo ka ho qolleha ho banyehedi ba tshehetsang ona mokga oo kapa lenaneo leo, e a fokola mme ha e a phethahala hantle. Ho feta mona, ho kopanya thuso ena ya tswelopele ho baka bofokodi bo bong hape. Ho etswa boipiletso hore ke ho theha setswalle le tshebedisano e ntjha e leng tse ntshetsang mananeo a naha ena pele. Tshebedisano ena e ntjha e lokela ho theha mekolokotwane eo ho dumellanweng ka yona esita le dipehelo tse itseng bakeng tsa monyehedi le moamohedi. Ho na le diketsahalo tse ngata tse bontshang hore ho hloleha ha merero ha ho bakwe ke tshebetso e fokolang ya baamohedi empa ho bakwa hape ke keletso e fosahetseng eo banyehedi ba faneng ka yona.
Dikamano tse fapaneng tsa tshebedisano pakeng tsa Afrika le dinaha tse tswetseng pele ka tshebetso ya indaseteri (ka lehlakoreng le leng) esita le ditsha tsa tshebedisano ka lehlakoreng le leng di tla hlokomelwa. Dinaha tse nang le seabo di akaretsa tsena tse latelang: Lenaneo la Ditaba le letjha la Dinaha tse kopaneng tsa Amerika bakeng sa Tswelopele ya Afrika selemong sa bo-1990; Lenane la hlahlobo la Khaero la Moralo wa Tshebetso la Afrika le Yuropo; Letlole la Matjhaba la Ditjhelete le laolang Mokgwa wa Phokotso ya Bofutsana; Lenane la Ditaba la Thokiyo la Tshebetso le laolwang ke Japane, Molawana wa Menyetla le Kgolo ya Afrika wa Dinaha tse Kopaneng tsa Amerika esita le Khomishene ya Kgwebo malebana le Kopano ya Lefatshe le Afrika. Sepheo e tla ba ho hlaola dinaha tsa tshebedisano esita le ho etsa bonnete ba hore melemo yohle ya Afrika e teng ka hara naha ena.
Baetapele ba Afrika ba lebeletse tsena tse latelang e le boikarabelo le tse lokelang ho etswa ke dinaha tse tswetseng pele esita le ditsha tsa tshebedisano:
Ho ntshetsa pele ka thepa mekgwa e itseng esita le tsela ya thibelo ya kgohlano, taolo le tharollo ka hara Afrika esita le mekgwa ya ho boloka kgotso;
Ho potlakisa phokotso ya melato bakeng sa dinaha tse aparetsweng ke melato ka ho sebedisa mananeo a phokotso ya bofutsana mme Tshebedisano ya Tsela ya Tshebetso le Afrika le Leano la Phokotso ya Bofutsana ke dintlha tsa bohlokwa tse lokelang ho qalwe ka tsona;
Ho tjhorisa mekgwa ya ho fedisa melato kapa dikoloto bakeng sa dinaha tsa kuno ya maemo a mahareng
Ho fedisa ho theoha ha Thuso ya Dinaha tse Mose ho mawatle bakeng sa tshehetso ya Afrika e le ho fihlella boemo bo lebeletsweng ba Thuso ya Dinaha tse Mose ho mawatle e ka lekanang diphesente tse 0.7 tsa tlhahiso ya sehlahiswa sa setjhaba sa naha e nngwe le e ngwe e tswetseng pele ka nako eo ho dumellanweng ka yona. Thuso ena e eketsehileng e tla thusa ho tshehetsa ditjhelete tse tswileng ka tshebediso ya melato e fokoditsweng ka ho potlakisa ntwa kgahlano le bofutsana;
Ho phethahatsa mekgwa ya matjhaba e sebediswang mererong ya thuto le bophelo bo botle;
Ho ntshetsa pele tswelopele ya tshebedisano pakeng tsa dinaha, dikoporasi tsa matjhaba tsa thekiso ya meriana esita le mekgatlo ya setjhaba e le hore e kgone ho fumana dithethefatsi bakeng sa Maafrika a kulang ka lebaka la mahloko a tshwaetsang;
Ho amohela thepa mebarakeng ya dinaha tse tswetseng pele ka dipuisano tsa baithaopi esita le ho buisana ka dipehelo tse lekanang bakeng sa kgwebo ya dinaha tsa Afrika ka hara moralo wa tshebedisano wa Mokgatlo wa Kgwebo wa Lefatshe
Ho sebetsa hamooho le baetapele ba Afrika e le ho kgothaletsa hore mekga ya poraefete ya dinaha tse tswetseng pele e tsetele mona Afrika, hammoho le ho thehwa ha meralo ya diinshorense le disebediswa tsa tjhelete tse tla thusa ho theola ditefello tsa matsete ka hara Afrika.
Ho hlahisa paballo ya bareki malebana le thepa e romellwang dinaheng tse ka ntle ho tswa dinaheng tse tswetseng pele ho ya dinaheng tse tswelang pele jwalo ka ha e fumaneha mebarakeng ya lehae ya dinaha tse tswetseng pele;
Ho etsa bonnete ba hore Banka ya Lefatshe le ditsha tse ding tsa tswelopele tsa ditjehete di ba le seabo jwalo ka batsetedi kgwebong ya motheo ya disebediswa tsa motheo e le ho potlakisa le ho baballa monyetla wa ho ba le seabo ha mokga wa poraefete.
Ho tshehetsa ka tsela ya setekgeniki e le ho potlakisa tshebediso ya lenaneo la tshebetso le kenyeletsang matlafatso ya bokgoni ba Afrika ba ho bolaodi ba ho etsa ditlhophiso le ntshetsopele, taolo ya ditjhelete le disebediswa tsa motheo, tshwaro ya dibuka le hlahlobo ya dibuka tsa ditjhelete le tswelopele, ho thehwa le ho laolwa ha disebediswa tsa motheo;
Ho tshehetsa diphetoho tsa puso tsa ditsha tsa ditjhelete ho etsa dintlafatso bakeng sa ditlhoko le ditabatabelo tsa dinaha tsa Afrika;
Ho theha mekgwa ya kopanelo bakeng sa ho thibela bobodu ka nepo hammoho le ho hlokomela hore ba amehang ba kgutlisa ditjhelete tseo tsa tshebetso naheng ya Afrika.
VII. HO SEBEDISWA HA TSHEBEDISANO E NTJHA YA NTSHETSOPELE YA AFRIKA
Ka ho lemoha bohlokwa ba ho beha manane le dintho ka ho ya ka hore ke dife tse lokelwang ho etswa pele, Bapresidente ba sisinya hore mananeo ana a latelang a potlakiswe, mme ho sebedisanwe le bathahaselli ba bang ba ntshetsopele:
b Thekenoloji ya Ditsebiso le Dikgokahanyo;
c Phokotso ya dikoloto kapa melato;
d Ho ba le seabo tshebetsong ya mebaraka.
Ba sebetsang hammoho ba matjhaba esita le ditsha tse fapaneng ba se ba entse mosebetsi mabapi le mananeo ana. Le ha ho le jwalo, seabo sa Afrika esita le boetapele ba yona di lokela ho matlafatswa e le hore di tle di be le tshebetso e ntle. Re a dunela hore ha re hlokomela dintlha tsena hoo ho ka potlakisa ntjhafatso ya kontinente ena. (Dikgothaletso malebana le lenaneo le leng le le leng di a fumaneha mme di hokeletswe mona.)
Diporojeke kapa merero e ikgethang
Le hoja bahlokomedi ba Tshebedisano ena e Ntjha ya Ntshetsopele ya Afrika ba hlokomela dikotsi tse ka bang teng tshebedisong ya mokgwa wa merero bakeng sa tswelopele, ba sisinya hore ho be le merero e fapaneng ya bohlokwa bakeng sa tswelopele ya mabatowa jwalo ka ha e kgothaletswa ke Tshebedisano e Ntjha ya Ntshetsopele ya Afrika. Merero ena ha e na matlafatsa mananeo a tswelopele ya dinaha le mabatowa feela empa a tla ba le thuso e kgolo bakeng sa ho qala diphetoho kontinenteng.
i Temo
Ho eketsa boikarabelo ba lenaneo la Afrika la tshebetso mabapi le bolaodi ba naha le phepelo ya metsi. Morero ona o shebane le paballo le ntshetsopele ya matlotlo a Afrika a tlhaho ka tsela ya temo. Mebuso e mengata ya Afrika e se e ntse e sebedisa merero ena ya boithaopo e le karolo ya lenaneo lena. Dinaha tse amehang e ka ba Motheo wa Disebediswa Tikolohong e akaretsang ka lefatshe lohle, Banka ya Lefatshe, Mokgatlo wa Dijo le Temo esita le mehlodi e meng ya baemedi ba dithuso tsa dinyehelo.
Ho lokela hore ho matlafatswe le ho ntshetswa pele diphuputso tsa naha ya Afrika tsa temo esita le mekgwa ya boikatiso. Morero ona o tobane hape le ho phahamisa maemo a ditsha tsa disebediswa tsa motheo tse tshehetsang temo ya Afrika. Diphetoho tse bakwang ke thekenoloji le ho amana ha tshebediso ya thekenoloji di na le bokgoni bo bonahalang bakeng sa ho hodisa tlhahiso ya temo empa le ha ho le jwalo kontinente ha e na mokgwa o motle wa ho etsa diphuputso bakeng sa ho fumana katleho. Ditho tsa bohlokwa tse nang le seabo di kenyeletsa Lemulwana la Diphuputso tsa Temo mona Afrika, Banka ya Lefatshe, Mokgatlo wa Dijo le Temo esita le Sehlopha sa Dipatlisiso malebana le Diphuputso tsa Matjhaba tsa Temo.
ii Ntshetsopele ya Mokga wa Poraefete
Boiphihlelo bo fumanweng dinaheng tsa matjhaba bo totobatsa hore mokgwa o motle wa ho ntshetsa pele kgwebo ke ho theha dibaka tse nyenyane tsa kgwebo. Morero ona o tla theha ditsela tsa tataiso le maano bakeng sa ho theha dikgwebo tsena tse nyenyane boemong ba naha, ka tshebediso ya boiphihlelo ba matjhaba le mekgwa e metle ya tshebetso e lokiseditsweng ditlhoko tsa Maafrika le maemo a bona.
iii Disebediswa tsa motheo le Kopano ya Mabatowa
Tshebedisano e Ntjha ya Ntshetsopele ya Afrika e se e hlwaile dintho tsa bohlokwa e leng matla, dipalangwang, dikgokahanyo ka mehala, esita le merero ya metsi e leng tsa bohlokwa bakeng sa tswelopele ya Afrika. Merero ena e se e le boemong bo fapaneng ba tswelopele mme e hloka tshehetso ya ditjhelete. Bohato bo latelang ke ho potlakisa tswelopele ya tsona hammoho le Banka ya Ntshetsopele ya Afrika, Banka ya Lefatshe esita le ditsha tse ding tse sebeletsanang.
Maikutlo a baporesidente bana ba hlokometseng tswelopele ena ke hore ha feela disebediswa tsa motheo di sa hlokomelwe ho latela moralo o hlophisitsweng hantle, mosebetsi wa ntjhafatso ya kontinente o ke ke wa tswela pele. Ka tsela e jwalo, batho ba phelang dinaheng tsa matjhaba ba kotjwa ho thusa naha ya Afrika ho ntshetsa pele disebediswa tsa yona tsa motheo. Dintlha tse feletseng tsa disebediswa tsena tsa motheo di ka fumaneha ho ?web site? ya Tshebedisano e Ntjha ya Ntshetsopele ya Afrika e leng (www.mapstrategy.com).
Hlahlobo ya ditlhoko
Ho tla etswa hlahlobo ya ditlhoko e le karolo ya dintho tsa bohlokwa tse lokelang ho etswa mme di qala ho tloha boemong ba naha ho ya mabatoweng a manyenyane esita le ona maemong a mabatowa a manyenyane. Sepheo ke ho hlahloba ditlhoko dintlheng tse hlano tsa bohlokwa ho latela sebopeho le basebetsi.
Hlahlobo ya karolo ya lebatowa le lenyenyane e tla qala ka ho hlahloba ditlhoko tsa naha pele. Ho etswa tlhahiso ya hore ditsebi le matona lebatoweng le leng le le leng ba kopane hammoho ho le leng la mabatowa ho o mong wa metse e meholo. Bakeng sa karolo ka nngwe ho tla hlahiswa dintlha tse amang setjhaba mme ho hlakiswe maemo le moralo wa lebatowa le lenyenyane. Hanghang ha ditlhoko tsa mokga di se di hlahlobilwe dikarolong tseo tse hlano di ka di ka hlophiswa bakeng sa ho theha moralo wa lebatowa.
Ho lokela hore ho hlaloswe hantle hore ditlhoko tsa mokga ha di a tshwanela feela ho eketswa feela - qalo e lokela ho ba boemo ba lebatowa le lenyenyane mme e lebise ho dintlha tse pedi tse ntjha:
Ditlhoko tse ikgethang tsa lebatowa le lenyenyane tse tsejwang e le sebaka sa mebuso e menyenyane ya lebatowa. Ha re tea ka mohlala re fumana hore ditsela le diporo di ke ke tsa tsejwa e le karolo ya naha empa e le karolo lebatowa le lenyenyane;
Ditlhoko tse lokelang ho hlwauwa bemong ba lebatowa le lenyenyane. Ha re tea ka mohlala re fumana hore diyunivesithi di lokela ho fumaneha dibakeng tsa mabatowa a manyenyane le ka ho latela ona mohopolo oo wa tikoloho;
Qetellong, ditlhoko tsa kontinente di tla hlahlojwa dikarolong tse hlano tse nkuwang e le dikarolo tsa bohlokwa ho latela meralo ya mabatowa a manyenyane. Dintlha tse feletseng di ka fumaneha ho ?web site? ya Tshebedisano e Ntjha ya Ntshetsopele ya Afrika e leng www.mapstrategy.com.
Mekgwa ya Taolo ya Tshebedisano e Ntjha ya Ntshetsopele ya Afrika
Dihlooho tsa Dinaha, ka ho kgothaletsa Tshebedisano ena e Ntjha ya Ntshetsopele ya Afrika, di tla eletsa Mokgatlo wa Kopano ya Matjhaba ka mekgwa e tshwanetseng ya ho kengwa ha yona tshebetsong.
Ho tla ba le tlhokeho ya tshehetso ya bohlokwa ya setekgeniki bakeng sa ho kenya tshebetsong mekgwa dibakeng tsa diphuputso le tsa ho thea leano.
Komiti ya Dihlooho tsa Dinaha ya ho kenya Lenaneo lena Tshebetsong
Komiti ya Dihlooho tsa Dinaha ya ho kenya Lenaneo lena Tshebetsong e nang le ditho tse hlano tseo e leng Dihlooho tsa Mmuso, batho ba ntshetsang pele Tshebedisano e Ntjha ya Ntshetsopele ya Afrika le batho ba bang ba leshome (ba 2 ho tswa lebatoweng le leng le le leng) e tla theha bakeng sa ho kenya tshebetsong.
Mesebetsi ya Komiti ya ho Kenya lenaneo Tshebetsong e tla ba:
Ho lemoha dintlha tse lokelang ho hlahlojwa, ho rerwa le ho laolwa boemong ba kontinente;
Ho theha mekgwa ya ho hlahlobisa tswelopele e le ho fihlella dintho tse itse tse lebeletsweng ho fihlellwa ka ho latela maemo a itseng ao ho dumellanweng ka ona;
Ho hlahloba tse fihleletsweng mabapi le diqeto tse ileng tsa etswa ka nako e fetileng le ho nka mehato e tshwanelehang mabapi le ho rarolla mathata le tiehiso;
Sepheo sa Tshebedisano e Ntjha ya Ntshetsopele ya Afrika ke ho amanya leano la demokerasi le bolaodi bo lokileng ba kgwebo mona kontinenteng ena. Ka lenaneo lena baetapele ba itlama ho baahi bohle ba Afrika esita le ho lefatshe lohle hore ba tla sebetsa hammoho ho aha kontinente ena. Ena ke tshepiso ya ho ntshetsa pele kgotso le botsitso, demokerasi, bolaodi bo lokileng ba kgwebo, tswelopele e thehilweng katlehisong ya batho esita le hona ho etsa hore motho e mong le e mong a be le boikarabelo ho latela ditumellano tse boletsweng lenaneong lena.
Ka ho kgothaletsa hore ho be le tshebedisano ena, Afrika e a hlokomela hore e tshwere senotlolo sa tswelopele ya yona. Re a dumela ebile re a hlokomela hore Tshebedisano ena e Ntjha ya Ntshetsopele ya Afrika e fana ka monyetla bakeng sa dinaha tse tswetseng pele tsa lefatshe bakeng sa ho ba le tshebedisano e tshwanelehang le naha ya Afrika mme e theilweng ho ditabatabelo tse tshwanang, boikarabelo bo arolelanwang esita le ditumellano tse tlamang.
Kamohelo ya mokgwa ona wa tshebetso le tswelopele jwalo ka ha o hlalositswe lenaneong le hlakileng la tshebetso le boletsweng ka hodimo, e bolela qalo ya karolo e ntjha ya setswalle, tshebedisano pakeng tsa Afrika le dinaha tsa lefatshe le atlehileng.
Bakeng sa ho phetha tshepiso ya yona, lenaneo lena la mosebetsi le lokela ho tsosa tshepo le morolo ho ngwana wa Moafrika ya lokolohileng le hore ngwahaketekgolo wa 21 e fela e le kontinente ya Afrika.
